Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Batla Bohlale ka ho Bala Bibele Kamehla

Batla Bohlale ka ho Bala Bibele Kamehla

Bohlale boo Molimo a fanang ka bona ke ba bohlokoa joaloka matlotlo a patiloeng. (Pr 2:1-6) Bohlale bo re thusa ho etsa liqeto tse nepahetseng hape boa re sireletsa. Kahoo bohlale “ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.” (Pr 4:5-7) Re hloka ho etsa boiteko e le hore re fumane matlotlo a ka Lentsoeng la Molimo. Re ka qala ka ho bala Lentsoe la Molimo “bosiu le motšehare” e leng letsatsi le letsatsi. (Jos 1:8) Ela hloko lintho tse ka re thusang ho bala Bibele kamehla le hore re thabele ho e bala.

SHEBELLANG VIDEO EA BACHA BA RATANG LENTSOE LA MOLIMO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

Ke mathata afe ao bacha baa ba ileng ba thulana le ’ona ha ba ntse ba leka ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, hona ba ile ba thusoa ke’ng?

  • Melanie

  • Samuel

  • Celine

  • Raphaello

LENANE-TSAMAISO LA KA LA HO BALA BIBELE: