Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

‘Sireletsa Pelo ea Hao’

‘Sireletsa Pelo ea Hao’

Jehova o ile a susumeletsa Solomone hore a ngole mantsoe a reng: “U sireletse pelo ea hao ho feta lintho tse ling tsohle.” (Pr 4:23) Ka masoabi, batho ba Molimo e leng sechaba sa Iseraele, ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova “ka lipelo tsohle tsa bona.” (2Kr 6:14) Le Morena Solomone o ile a lumella hore basali ba hae ba bahetene ba mo khelose hore a latele melimo e meng. (1Ma 11:4) U ka sireletsa pelo ea hao joang? Potso ena ke sehlooho sa Molula-Qhooa o ithutoang oa January 2019 leqephe 14-19.

SHEBELLANG VIDEO EA SEO RE ITHUTANG SONA MOLULA-QHOOENG—U KA SIRELETSA PELO EA HAO JOANG? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

Ke’ng e neng e ka fokolisa tumelo ea Bakreste ba latelang, hona sehlooho see se ba thusitse joang?

  • Brent le Lauren

  • Umjay

  • Happy Layou

Sehlooho see se u thusitse joang?