Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 4-10 March

PESALEME EA 16-17

La 4-10 March

Pina ea 111 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “Jehova, Mohloli oa ka oa Lintho Tse Molemo”

(10 mets.)

Metsoalle e ratang Jehova e etsa hore re thabe (Ps 16:​2, 3; w18.12 26 ¶11)

Ha re tseba hore re metsoalle ea Jehova re tla thaba (Ps 16:​5, 6; w14 2/15 29 ¶4)

Rea thaba ha Jehova a re sireletsa (Ps 16:​8, 9; w08 2/15 3 ¶2-3)

Re phela bophelo bo khotsofatsang joaloka Davida hobane re nka ho sebeletsa Jehova, Mohloli oa lintho tse molemo, e le ntho ea bohlokoa bophelong ba rona.

IPOTSE, ‘Bophelo ba ka bo ntlafetse joang ha bo bapisoa le pele ke e-ba Paki?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 17:8—Poleloana e reng “thaka ea leihlo la hao” e bolela’ng? (it-2-E 714)

  • U ithutileng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(1 mots.) KA NTLO LE NTLO. Fana ka memo ea Sehopotso. (th khaolo ea 11)

5. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Fana ka memo ea Sehopotso. Haeba mong’a ntlo a thabela memo eo, u ka mo bontša video ea Ikhopotse Lefu la Jesu ebe le buisana ka eona. (th khaolo ea 9)

6. Ha u Qala Moqoqo

(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Fana ka memo ea Sehopotso. (th khaolo ea 2)

7. Ho Etsa Barutuoa

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 20

8. Lintho Tseo u ka li Etsang Nakong ea Sehopotso

(15 mets.) Puisano.

Kaha re batla ho mamela taelo ea Jesu ea hore re ikhopotse lefu la hae, ka Sontaha sa la 24 March re tla be re ikhopotsa lona. Re tla hopola kamoo Jehova le Jesu ba re bontšitseng kateng hore baa re rata. (Lu 22:19; Joh 3:16; 15:13) Re ka etsa’ng ho itokisetsa ketsahalo ee ea bohlokoa?

  • Etsa boiteko ba ho mema batho ba bangata kamoo u ka khonang puong e khethehileng le Sehopotsong. Ngola mabitso a batho bao u batlang ho ba mema. Haeba ba bang ba batho bao u batlang ho ba mema ba lula hole le tšimo ea phutheho ea heno, kena ho jw.org/st e le hore u ka bona hore na ke phutheho efe e haufi le moo ba lulang le hore na puo e khethehileng le Sehopotso li tla ba ka nako mang

  • Ikemisetse ho eketsa nako eo u e qetang tšebeletsong ea tšimo khoeling ea March le April. Likhoeling tseo, u ka nka bopula-maliboho bo thusang ’me oa khetha ho etsa lihora tse 15 kapa tse 30

  • Ho tloha ka la 18 March u ka bala ka lintho tse ileng tsa etsahala beke pele Jesu a shoa. U ka ikhethela hore na ka letsatsi u tla bala litemana tse kae tse hlahang ho “’Malo oa Bibele oa Sehopotso sa 2024” leqepheng la 6 le la 7

  • Ka letsatsi la Sehopotso, shebella lenaneo le khethehileng la Borapeli ba Hoseng ba Bethele ho jw.org/st

  • Lumelisa batho ba qalang ho tla Sehopotsong le ba seng ba sa tle libokeng. Ka mor’a Sehopotso, u se ke oa tatela ho tsamaea e le hore u ka araba ba nang le lipotso. Buisana le ba qalang ho tla ’me u kope ho ithuta Bibele le bona

  • Pele ho Sehopotso le ka mor’a sona, lula u nahana ka hore na lefu la Jesu le u tsoela molemo joang

Shebellang VIDEO ea Ikhopotse Lefu la Jesu ebe u botsa bamameli potso ena:

Re ka sebelisa video ee joang nakong eo re memelang batho Sehopotsong?

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 7 ¶1-7 le video ea selelekela

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 73 le Thapelo