Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Lula u Itokisitse Qetellong ea “Matsatsi a ho Qetela”

Lula u Itokisitse Qetellong ea “Matsatsi a ho Qetela”

Ha re ntse re mameletse matsatsi a ho qetela, re lebeletse hore re tla ’ne re hlaheloe ke mathata a mangata. (2Ti 3:1; tlhaloso ea Mat 24:8 e ho nwtsty-E) Batho ba Jehova ba lula ba fumana tataiso e nakong le e tla pholosa bophelo ba bona ha likoluoa li hlaha. E le hore re pholohe ha koluoa e hlaha, re lokela hore re hle re itokise esale hona joale. Re ka etsa joalo ka hore re matlafatse setsoalle sa rona le Jehova re be re lokise lintho tseo re tla li hloka nakong ea koluoa.​—Lu 16:10.

  • Matlafatsa Setsoalle sa Hao le Jehova: Ithute kamehla. Ithute mekhoa e fapaneng ea ho ruta batho Bibele. U se ke oa tlakasela haeba u arohane le bara le barali ba bo rona ka nakoana. (Esa 30:​15) Hopola hore ha oa arohana le Jehova le Jesu.​—od 176 ¶15-17

  • Lokisa lintho tseo u tla li hloka: Ntle le ho ba le mokotla oa tšohanyetso, lelapa ka leng le hloka ho boloka lijo tse lekaneng, metsi, meriana le lintho tse ling tse tla hlokahala nakong ea koluoa. Lebaka ke hobane ho ka ’na ha hlokahala hore re ipoloke malapeng ka nako e teletsana ka lebaka la koluoa.​—Lipr 22:3; g17.5 4, 6

SHEBELLANG VIDEO EA NA U ITOKISELITSE LIKOLUOA TSA TLHAHO? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • U ka matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova joang e le ho itokiselletsa likoluoa?

  • Ke hobane’ng ha re lokela . . . 

    • ho lula re buisana le baholo?

    • ho lula re lokisitse mokotla oa tšohanyetso?

    • ho hlahloba mefuta e fapaneng ea likoluoa e ka ’nang ea etsahala sebakeng sa habo rona le hore na re tla etsa’ng ha li hlaha?

  • Ke lintho life tse tharo tseo re ka li etsang ho thusa ba hlahetsoeng ke likoluoa?

IPOTSE, ‘Ke ithutile’ng ka ho lula ke itokisitse nakong ea kokoana-hloko ea corona?