Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | Eketsa Thabo Ea Hao Boboleling

Cheseha ha u Ruta

Cheseha ha u Ruta

Ha u cheseha, u ka etsa hore le batho ba bang ba chesehe, ebile ba tla mamelisisa lintho tseo u li buang. Ha re cheseha, re bontša hore re nka molaetsa oa rona e le oa bohlokoa. Ho sa tsotellehe setso kapa botho ba rona, re ntse re ka loanela hore re chesehe. (Bar. 12:​11) Re ka khona joang?

Taba ea pele, nahana hore na molaetsa oa hao ke oa bohlokoa hakae. U na le tokelo ea ho ‘bolela litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!’ (Bar. 10:​15) Ea bobeli, nahana hore na litaba tsa hao li ka ntlafatsa bophelo ba bamameli ba hao joang. Ba hloka ho utloa litaba tseo. (Bar. 10:​13, 14) Ea ho qetela, cheseha ha u bua. Tsamaisa matsoho, hlooho le mahetla ka tsela e loketseng u be u bontše boikutlo ba hao sefahlehong.

SHEBELLANG VIDEO EA THABELA MOSEBETSI OA HO ETSA BARUTUOA​—NTLAFATSA TSELA EO U RUTANG KA EONA​—KA HO CHESEHA HA U RUTA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke’ng e ileng ea etsa hore Nteboheleng a se ke a chesehela ho ithuta Bibele le Lipontšo?

  • Nteboheleng o ile a thusoa ke’ng hore a boele a chesehe?

  • Ha u cheseha, u ka etsa hore le batho ba bang ba chesehe

    Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka makhabane a bamameli ba rona?

  • Cheseho ea rona e ka ba le liphello life ho liithuti tsa rona le ho batho ba bang?