Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Laola Litakatso Tsa Hao

Laola Litakatso Tsa Hao

Kaha ha rea phethahala, re lokela ho lula re loantša litakatso tsa rona. Haeba re hloleha ho etsa seo, setsoalle sa rona le Jehova se ka senyeha. Batho ba bang ba amehile ka lintho tse kang lijo, liaparo le bolulo ho feta ho rata Molimo. Ba bang ba khotsofatsa takatso ea bona ea ho etsa thobalano ka tsela e khahlanong le melao ea Molimo. (Bar 1:​26, 27) Ba bang ba bona ba susumelletseha ho etsa lintho tse fosahetseng hobane feela ba batla ho ratoa le ho amoheloa ke batho ba bang.​—Ex 23:2.

Re ka laola litakatso tsa rona joang? Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho khahlisa Jehova. (Mat 4:4) Re boetse re lokela ho kopa Jehova hore a re thuse ho laola litakatso tsa rona. Hobane’ng? Hobane Jehova o tseba se molemo bakeng sa rona ebile oa tseba hore na re ka khotsofatsa litakatso tsa rona joang ka tsela e nepahetseng.​—Pes 145:16.

SHEBELLANG VIDEO EA HO TSUBA HO KA SENYA BOPHELO BA HAO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke hobane’ng ha batho ba bang ba tsuba?

  • Ho tsuba ho ka ba le litla-morao life?

  • Ke hobane’ng ha ho tsuba sakerete le Hubbly Bubbly ho le phoso?​—2Ko 7:1

  • U ka khona ho hlola takatso ea ho tsuba.

    U ka hana joang ha motho e mong a re u tsube? U ka tlohela ho tsuba joang?