Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

“Lerato . . . ha le Thabele ho se Loke”

“Lerato . . . ha le Thabele ho se Loke”

Bakreste ba ’nete ba etsa liqeto tsohle tsa bona ka lerato. Lerato “ha le thabele ho se loke.” (1Ko 13:​4, 6) Kahoo re qoba boithabiso bo khothalletsang lintho tse kang boitšoaro bo bobe le ntoa. Hape, ha re thabe ha lintho tse mpe li etsahalla batho ba bang, esita le haeba batho bao ba re utloisitse bohloko.​—Lipr 17:5.

SHEBELLANG VIDEO EA HOPOLA KAMOO LERATO LE LENG KATENG​—HA LE THABELE HO SE LOKE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Davida o ile a etsa’ng ha a utloa ka lefu la Saule le Jonathane?

  • Davida o ile a bina koli-ea-malla efeng bakeng sa Saule le Jonathane?

  • Ke hobane’ng ha Davida a sa ka a thaba ha a ne a utloa ka lefu la Saule?