Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

“Lerato . . . le Tšepa Lintho Tsohle”

“Lerato . . . le Tšepa Lintho Tsohle”

Lerato leo re nang le lona bakeng sa bara le barali babo rona le etsa hore re tšepe hore ba tla etsa liqeto tse molemo. (1Ko 13:​4, 7) Ka mohlala, ha mora kapa morali oabo rona a entse sebe ’me a fumana khalemelo, re na le tšepo ea hore o tla sebelisa keletso eo a e fumaneng ho lokisa setsoalle sa hae le Jehova. Re bontša mamello ho batho bao tumelo ea bona e fokolang ’me re leka ho ba thusa. (Bar 15:1) Haeba motho a tlohela ho sebeletsa Jehova re na le kholiseho ea hore ka letsatsi le leng o tla khutlela ka phuthehong.​—Lu 15:​17, 18.

SHEBELLANG VIDEO EA HOPOLA KAMOO LERATO LE LENG KATENG​—LE TŠEPA LINTHO TSOHLE EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Maikutlo a Abnere ka Davida a ile a fetoha joang?

  • Davida o ile a arabela kopo ea Abnere joang? Joabe eena o ile a itšoara joang?

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho bona se setle ho bara le barali babo rona?