Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Na U se U Itokisitse Bakeng sa Merusu?

Na U se U Itokisitse Bakeng sa Merusu?

Ha bofelo bo ntse bo atamela re ka lebella hore ho be le merusu, bokhukhuni le lintoa tse eketsehileng. (Tše 6:4) Re ka itokisa joang bakeng sa mathata a ka re hlahelang nakong e tlang?

  • Matlafatsa setsoalle sa hao le Jehova: Ithute melao-motheo ea Bibele le litlaleho tse ka u thusang hore u tšepe Jehova le mokhatlo oa hae le e tla u thusa hore u lule u sa nke lehlakore. (Lipr 12:5; jr 125-126 ¶23-24) Ena ke nako ea hore u matlafatse setsoalle sa hao le bara le barali babo rona ka phuthehong.​—1Pe 4:​7, 8

  • Lokisa lintho tseo u tla li hloka: Etsa bonnete ba hore u na le leano le tla u thusa hore u lule u bolokehile haeba u sa khone ho tsamaea le hore u be le lijo le metsi a lekaneng. U lokela ho etsa leano la hore na u tla etsa joang haeba u tlameha ho tsamaea moo u lulang teng. Sheba hore na ho na le eng ka mokotleng oa hao oa tšohanyetso ’me u etse bonnete ba hore u na le lintho tsa thuso ea pele le chelete. Etsa bonnete ba hore u na le mokhoa oa ho buisana le baholo le hore le bona ba na le mokhoa oa ho buisana le uena.​—Esa 32:2; g17.5 3-7

Nakong ea morusu, tsoela pele ho etsa lintho tseo u tloaetseng ho li etsa ho rorisa Jehova joaloka ho rapela, ho ithuta Bibele le ho ea libokeng. (Fil 1:​10) Lula sebakeng se le seng ntle le ha ho hlokahala hore u ee sebakeng se seng. (Mat 10:​16) Arolelana le ba bang lijo le lintho tse ling.​—Bar 12:13.

SHEBELLANG VIDEO EA U KA ETSA’NG HO ITOKISETSA LIKOLUOA? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Jehova a ka re thusa joang nakong ea likoluoa?

  • Re ka itokisa joang bakeng sa mathata a ka hlahang?

  • Re ka etsa’ng ho thusa ba hlahetsoeng ke likoluoa?