Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Bua ka Liketsahalo Tsa Morao-rao ha U le Tšimong

Bua ka Liketsahalo Tsa Morao-rao ha U le Tšimong

Ha Jesu a ne a ruta, o ne a bua ka lintho tse neng li etsahala ka nako eo. (Lu 13:​1-5) U ka bua ka liketsahalo tsa morao-rao ho etsa hore batho ba thabele ho ithuta molaetsa oa ’Muso. Ka mor’a ho bua ka mathata a lichelete, likoluoa tsa tlhaho, merusu, ho lemalla lithethefatsi kapa lintho tse ling tse tšoanang le tseo, botsa motho potso e tla etsa hore a batle ho utloa karabo. U ka ’na oa mo botsa: “Na u nahana hore . . .  li tla ke li fele?” kapa “Na ho tla ke ho be le tharollo bakeng sa . . . ?” Ebe u mo balla lengolo le amanang le seo le buileng ka sona. Haeba motho a thabela molaetsa, mo bontše video kapa u mo fe sengoloa se hlahang ho Lithulusi Tsa ho Ruta. Ha re ntse re tsoela pele ka mosebetsi oa rona oa ho etsa batho barutuoa, e se eka re ka “etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo.”​—1Ko 9:​22, 23.

Ke lintho life tseo batho ba tšimong ea heno ba amehileng ka tsona?