Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 20-26 May

PESALEME EA 40-41

La 20-26 May

Pina ea 102 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Thusa Batho ba Bang?

(10 mets.)

Ho thusa batho ba bang hoa re thabisa (Ps 41:1; w18.08 21 ¶16-18)

Jehova o thusa batho ba thusang batho ba bang (Ps 41:​2-4; w15 12/15 24 ¶7)

Ha re thusa batho ba bang re rorisa Jehova (Ps 41:13; Pr 14:31; w17.09 12 ¶17)

IPOTSE, ‘Na ho na le motho eo nka mo thusang phuthehong ea heso hore a tsebe ho sebelisa JW Library app hantle?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 40:​5-10—Thapelo eo Davida a ileng a e etsa e re ruta’ng ka boemo ba Jehova joaloka ’Musi oa Lintho Tsohle? (it-2-E 16)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qala moqoqo le motho ea bonahalang a thabile. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 3)

5. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qala moqoqo le motho ea bonahalang a hlorile. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)

6. Ho Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 14 ntlha ea 6. Buisanang ka lintlha tse hlahang sehloohong se reng “Rorisang Jehova Har’a Phutheho” se hlahang tlas’a karolo ea “Batla” le motho eo u ithutang Bibele le eena, ea tšabang ho arabela libokeng. (th khaolo ea 19)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 138

7. Etsetsa ba Holileng Lintho Tse Molemo

(15 mets.) Puisano.

Kaha Jehova o ananela mosebetsi ’ohle oo bara le barali ba bo rona ba holileng ba o etsang ka phuthehong ea hae, le rona re lokela ho ba nka ba le bohlokoa. (Heb 6:10) Ba qetile lilemo tse ngata ba sebetsa ka thata ho ruta, ho koetlisa le ho khothatsa Bakreste-’moho le bona. Ho ka etsahala hore ebe le uena u hopola kamoo ba ileng ba u thusa kateng. Re ka bontša joang hore re ananela lintho tseo ba ileng ba li etsa le tseo ba ntseng ba li etsetsa phutheho hona joale?

Shebellang VIDEO ea ‘A re Sebetseng se Molemo ho Bara le Barali ba bo Rona’ ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Mor’abo rona Ji-Hoon o ithutile’ng ho Mor’abo rona Ho-jin Kang?

  • Ke hobane’ng ha u ananela bara le barali ba bo rona ba holileng ba phuthehong ea heno?

  • Re ithuta’ng papisong ea Mosamaria ea molemo?

  • Ke hobane’ng ha u nahana hore Mor’abo rona Ji-Hoon o entse qeto e nepahetseng ka hore ebe o ile a mema bara le barali ba bo rona ba bang ha a ne a il’o thusa Mor’abo rona Ho-jin Kang?

Haeba re nahana ka litlhoko tsa bara le barali ba bo rona ba holileng ba liphuthehong tsa ha bo rona, re tla fumana litsela tse ngata tsa ho ba thusa. Ha u hlokomela hore ba hloka thuso, ba thuse.—Jak 2:​15, 16.

Balang Bagalata 6:10 ebe u botsa bamameli potso ena:

  • U ka etsa’ng ho thusa balumeli-’moho le uena ba holileng ba phuthehong ea heno?

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 9 ¶27-32, lebokose la 9C le la 9D

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 8 le Thapelo