Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 27 May–la 2 June

PESALEME EA 42-44

La 27 May–la 2 June

Pina ea 86 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Sebelisa Lintho Tseo Jehova a re Rutang Tsona

(10 mets.)

Sebelisa menyetla eohle ea ho rapela Jehova u e-na le Bakreste-’moho le uena ha ho khoneha (Ps 42:​4, 5; w06 6/1 9 ¶4)

Rapela Jehova ha u ithuta Lentsoe la hae (Ps 42:8; w12 1/15 15 ¶2)

Lumella Lentsoe la Molimo ho u tataisa bophelong (Ps 43:3)

Lintho tseo re ithutang tsona ka Lentsoeng la Molimo li re thusa ho mamella mathata ao re ka bang le ’ona. Li boetse li re thusa hore re khone ho tšepahalla Jehova le ho mo sebeletsa ka ho sa feleng.—1Pe 5:10; w16.09 5 ¶11-12.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 44:19—Poleloana e reng “moo liphokojoe li lulang teng” e bolela’ng? (it-1-E 1242)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Bua le mong’a ntlo u mo kope hore u ithute Bibele le eena. (lmd thuto ea 5 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Memela mong’a ntlo puong ea phatlalatsa. Etsa eka u mo shebellisa video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? ebe le buisana ka eona. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 5)

6. Puo

(3 mets.) lmd lintlha tsa A ntlha ea 4—Sehlooho: Batho Bohle ba Tla Phela Hantle. (th khaolo ea 2)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 21

7. Etsa Liqeto Tse Nepahetseng ha u Khetha Mosebetsi le Thuto eo u Tla ba le Eona

(15 mets.) Puisano.

Bacha, na le se le rerile hore na le tla etsa’ng ka mor’a ho qeta high school? Mohlomong ho na le mosebetsi oo u nahanneng ho o etsa o tla u lumella ho ba pula-maliboho. Kapa ho ka etsahala hore ebe u se u nahanne ka ho ba le thuto e eketsehileng e tla etsa hore u be le tsebo, license kapa lengolo la ho etsa mosebetsi o joalo. Ena ke nako ea ho etsa liqeto tsa bohlokoa! Leha ho le joalo, u ka ’na oa ikutloa u ferekane ebile u sa tsebe hore na u etse qeto efe kapa ho ka etsahala hore u be tlas’a khatello ea ho etsa qeto e tla khahlisa batho ba bang. U ka thusoa ke’ng hore u etse liqeto tse nepahetseng?

Balang Matheu 6:​32, 33. Ka mor’a moo, u botse bamameli lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore u tsebe hore na u batla ho etsetsa Jehova eng pele u etsa liqeto tsa bohlokoa tse mabapi le mosebetsi kapa thuto?

  • Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba sebelise keletso e ho Matheu 6:​32, 33?—Ps 78:​4-7

E-ba hlokolosi hore u se ke oa lumella takatso ea ho batla ho ba le chelete e ngata le ea ho tuma ho u susumetsa ha u etsa liqeto. (1Jo 2:​15, 17) Hopola hore haeba motho a batla ho ba le chelete e ngata, ntho eo e ka etsa hore a se ke a amohela molaetsa oa ’Muso oa Molimo. (Lu 18:​24-27) Haeba motho a sebetsa ka thata hore a be le chelete e ngata, seo se ka etsa hore ho be thata hore a be le tumelo e matla le hore a amehe ka ho thabisa Jehova.—Mat 6:24; Mar 8:36.

Shebellang VIDEO ea U se ke oa Tšepa Lintho Tse se Nang Thuso—Ho Batla ho ba le Chelete e Ngata ebe u botsa bamameli potso ena:

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 47 le Thapelo