Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Kamoo U ka Sebelisang Buka ea What Can the Bible Teach Us?

Kamoo U ka Sebelisang Buka ea What Can the Bible Teach Us?

Buka ena le ea Seo Bibele e se Rutang lia tšoana. Libuka tsena ka bobeli li na le molaetsa o tšoanang li bile li o fetisa ka tsela e tšoanang. Leha ho le joalo, buka ea Teach Us e sebelisa puo eo ho leng bonolo ho e utloisisa. E etselitsoe batho ba sa khoneng ho utloisisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Buka ena ea Teach Us ha e na sehlomathiso empa qetellong ea khaolo e hlalosa lintlha tse hlahang khaolong ka tsela e bonolo. Ha e na lipotso qalong ea khaolo kapa lebokose qetellong ea eona. Ho e-na le hoo, qetellong ea khaolo ka ’ngoe ho na le lintlha tse akaretsang molaetsa oa Bibele o hlahang khaolong eo. Re ka tsamaisa buka ea Teach Us le hoja e se eona e tsamaisoang khoeling eo, e leng seo re se etsang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang. Re ka sebelisa likarolo tsee tse ikhethang tsa Teach Us joang ha re khanna lithuto tsa Bibele?

KAKARETSO: Batho ba bangata ba utloisisa molaetsa oa Bibele ha re sebelisa mokhoa oo re o tloaetseng oa ho bala serapa ebe re botsa potso. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe seithuti ha se khone ho bala hantle kapa se bua puo e ’ngoe. Ha ho le joalo, u ka khanna thuto ka buka ea Teach Us. Boemong bona u ka sebelisa kakaretso ea khaolo ebe u khothalletsa seithuti ho ipalla khaolo moo se leng seng. Re ka ruta ’nete ea Bibele (Truth) ka ’ngoe ka metsotso e 15. Kaha kakaretso ha e hlalose lintlha kaofela, mohoeletsi o lokela ho lokisetsa hantle a nahanne ka seithuti sa hae. Haeba thuto e khannoa ho sebelisoa khaolo kaofela, kakaretso ea eona e ka sebelisoa e le ho ikhopotsa se ithutiloeng.

LINTLHA TSE QETELLONG EA SEHLOOHO: Mantsoe le lipolelo li hlalositsoe ho ea kamoo li latellanang kateng khaolong. Mohoeletsi a ka etsa qeto ea hore na ba buisane ka lintlha tse qetellong ea sehlooho kapa che.