Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Bacha—Le se ke la Lieha ho Kena ka “Monyako o Moholo”

Bacha—Le se ke la Lieha ho Kena ka “Monyako o Moholo”

Ha motho a le mocha ho bonolo ho nahana hore a ke ke a tsofala ebe o fihleloa ke “matsatsi a tlokotsi” tsamaisong ena ea Satane. (Moe 12:1) Haeba u mocha, na u nahana hore u sa ntse u e-na le nako e ngata ea hore u nahane ka ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng?

“Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang,” ho akarelletsa le bacha. (Moe 9:11) “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.” (Jak 4:14) Kahoo, u se ke ua chechisa nako ea ho sebeletsa Jehova ho sa hlokahale. Kena ka “monyako o moholo o isang tšebetsong” o sa ntse o butsoe. (1Ko 16:9) U ke ke ua ikoahlaea.

Seo u ka ikemisetsang ho se etsa ho ntlafatsa kamano ea hao le Jehova:

  • Ho bolela litaba tse molemo ka puo e ’ngoe

  • Ho ba bopula-maliboho

  • Ho ea likolong tsa puso ea Molimo

  • Mosebetsi oa ho haha

  • Tšebeletso ea Bethele

  • Mosebetsi oa potoloho

Ngola lintho tseo u ikemiselitseng ho li etsa tse tla u thusa ho atamela haufi le Molimo.