Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho

MOLULA-QHOOA

Potso: U ka re’ng ha motho a u botsa hore na ho joang leholimong?

Lengolo: Joh 8:23

Buella Sengoliloeng: Molula-Qhooa ona o bontša hore na Jesu le Ntate oa hae ba re ho joang leholimong.

RUTA MOLAETSA OA BIBELE

Potso: Na u ua lumela hore boprofeta boo bo hlalosa se etsahalang mehleng ee?

Lengolo: 2Ti 3:1-5

Molaetsa oa Bibele: Kaha boprofeta bo buang ka matsatsi a ho qetela boa phethahala, re ka ba le tšepo ea hore boprofeta bo buang ka bokamoso bo molemo le bona bo tla phethahala.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO ITHUTA BIBELE? (Video)

Selelekela: Ke kōpa ho u bapalla video e khutšoanyane e bontšang hore na re ka fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa hokae. [Bapala video.]

Buella Sengoliloeng: Buka ena e na le mangolo a Bibele a bontšang hore na Molimo o tla etsa’ng ho rarolla mathata a batho. [Buella buka ea Seo Bibele e se Rutang.]

NGOLA SEO U TLA SE BUA

Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.