La 18-La 24 November
Tšenolo 1-3
Pina ea 15 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ke Tseba Liketso Tsa Hao”: (10 mets.)
[Bapala video ea Selelekela sa Tšenolo.]
Tše 1:20—Jesu ke eena ea laolang sehlopha sohle sa baholo (w12 10/15 14 ¶8)
Tše 2:1, 2—Jesu o tseba lintho tsohle tse etsahalang liphuthehong kaofela (w12 4/15 29 ¶11; w01 1/15 20-21 ¶20)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Tše 1:7—Ke joang leihlo le leng le le leng le tla bona Jesu ‘a tla ka maru,’ hona e tla ba neng? (kr 226 ¶10)
Tše 2:7—Ho bolela’ng ho ja “sefate sa bophelo, se paradeiseng ea Molimo?” (w09 1/15 31 ¶1)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
U fumane matlotlo afe a mang ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) (Tše 1:1-11) (th khaolo ea 5)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala video ebe le buisana ka eona.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho. (th khaolo ea 2)
Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Bontša mong’a ntlo video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? ebe le buisana ka eona (u se ke oa e bapala). (th khaolo ea 3)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Jehova o Tseba Seo re se Hlokang”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Tlaleho ea Komiti ea Thuto ea 2017.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) cf khao. 16 ¶15-20, le lebokose le leqepheng la 171
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 109 le Thapelo