Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Jehova o Tseba Seo re se Hlokang

Jehova o Tseba Seo re se Hlokang

Jehova o tseba seo re se hlokang e le hore re be le tumelo ho eena kaha lekhoba le tšepahalang le le masene leo a le tataisang, le re fa “lijo . . . ka nako e tšoanetseng.” (Mat 24:​45) Likopano tsa setereke le liboka tsa har’a beke li paka hore taba ena ke ’nete.

SHEBELLANG VIDEO EA TLALEHO EA KOMITI EA THUTO EA 2017 EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke mang eo re lokelang ho mo rorisa ka lebaka la likopano tseo re li lokisetsoang hona hobane’ng?

  • Kopano e qala ho lokisetsoa neng?

  • Lihlooho tsa kopano li khethoa joang?

  • Ke lintho life tse ling tse etsoang e le hore ho hlophisetsoe kopano?

  • Ha bara ba bo rona ba hlophisetsa liboka tsa har’a beke, ba sebelisa mekhoa ea ho ithuta e rutoang sekolong sa Gileade joang?

  • Mafapha a fapaneng a sebetsa ’moho joang e le hore a hlophise Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona?

U ikutloa joang ka lintho tseo Jehova a re lokisetsang tsona e le ho re thusa hore re be le tumelo e matla?