Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | TŠENOLO 1-3

“Ke Tseba Liketso Tsa Hao”

“Ke Tseba Liketso Tsa Hao”

1:​20; 2:​1, 2

  • “Linaleli tse supileng”: Baholo ba tlotsitsoeng hammoho le baholo bohle

  • “Ka letsohong la [Jesu] le letona”: Linaleli li tlas’a taolo le tataiso e feletseng ea Jesu. O tla etsa bonnete ba hore o fana ka keletso ka nako e nepahetseng le ka moo eena a batlang kateng haeba ho e-na le moholo ea hlokang ho eletsoa.

  • “Liluloana tsa mabone tsa khauta tse supileng”: Liphutheho tsa Bokreste. Liphutheho li fana ka khanya ea lithuto tse tsoang ho Molimo joalokaha liluloana tsa mabone li ne li thusa hore ho be le khanya ka tabernakeleng. (Mat 5:​14) Jesu o ‘tsamaea har’a’ liluloana tsa mabone ka kutloisiso ea hore o lebela lintho tsohle tse etsahalang liphuthehong