Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Qoba Mekhoa ea Batho ba Lefatše ha U Hlophisa Lechato

Qoba Mekhoa ea Batho ba Lefatše ha U Hlophisa Lechato

Ho na le liqeto tse ngata tseo Bakreste ba itukisetsang ho nyalana ba lokelang ho li etsa. Ka linako tse ling ba ka ikutloa ba batla ho etsisa machato a semetletsahali, a tloaelehileng sebakeng sa habo bona. Metsoalle le litho tsa lelapa tse haufi ba ka fana ka maikutlo a hore na ba batla hore mokete oa lenyalo o be joang. Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka thusang ba batlang ho kena lenyalong hore ba hlophise lechato la bona ka tsela e tla ba siea ka matsoalo a hloekileng le hore ba se ke ba ikoahlaea ka mor’a lechato?

SHEBELLANG VIDEO EA MANYALO A HLOMPHANG JEHOVA, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Mangolo a latelang a ile a thusa Nick le Juliana joang?

  • Ke hobane’ng ha batho ba tl’o nyalana ba lokela ho khetha mor’abo rona ea nang le kamano e matla le Jehova hore e be “motsamaisi oa mokete”?​—Joh 2:​9, 10.

  • Ke ka mabaka afe Juliana le Nick ba ileng ba lokela ho iketsetsa liqeto lechatong la bona?

  • Ke bo-mang ba lokelang ho etsa qeto ea moshoelella ka hore na ho tla etsahala’ng lechatong?​—w06 10/15 25 ¶10.