Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato Kaha ba Qoba Boithati le Khalefo

Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato Kaha ba Qoba Boithati le Khalefo

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA: Jesu o rutile hore barutuoa ba hae ba tla tsebahala ka ho ba le lerato. (Joh 13:34, 35) E le hore re bontše lerato joaloka Jesu, re lokela ho ameha ka lithahasello tsa ba bang hape re qobe ho khopeha habonolo.—1Ko 13:5.

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Haeba e mong a bua kapa a etsa ntho e u utloisang bohloko, leka ho nahana hore na ke hobane’ng ha a buile kapa a entse ntho eo. Nahana hore na e be liphello tsa tsela eo u batlang ho sebetsana le taba eo ka eona e tla ba life.—Lipr 19:11

  • Hopola hore kaofela ha rea phethahala ’me ka linako tse ling re etsa le ho bua lintho tseo hamorao re ikoahlaelang tsona

  • Potlakela ho lokisa litaba

SHEBELLANG VIDEO E RENG EBANG LE LERATO HAR’A LONA”—QOBANG BOITHATI LE KHALEFO, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Mor’abo rona Mohau o ile a itšoara joang ha a utloa tlhahiso ea mor’abo rona Teboho?

  • Taba ea hore mor’abo rona Teboho o ile a nahana pele a bua, e mo thusitse joang hore a se ke a halefa?

  • Ke joang karabo e bonolo ea mor’abo rona Teboho e ileng ea tima hlaha e neng e kunkela?

Phutheho e rua molemo joang ha re khoba matšoafo tlas’a maemo a halefisang?