Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato—Lerato le Thabela ’Nete

Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato—Lerato le Thabela ’Nete

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA: E le hore re etsise Jesu, re lokela ho pakela ’nete mabapi le merero ea Molimo. (Joh 18:37) Re lokela ho thabela ’nete, re bue ka eona hape re hlahlobe lintho leha e le life tsa ’nete, le hoja re phela lefatšeng le tletseng leshano le ho se loke.—1Ko 13:6; Fil 4:8.

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Ikemisetse hore u se ke oa mamela lesebo le kotsi kapa oa le jala.—1Th 4:11

  • U se ke oa thabela mathata a motho e mong

  • Thabela lintho tse nepahetseng kapa tse khothatsang

SHEBELLANG VIDEO E RENG EBANG LE LERATO HAR’A LONA”—LE SE KE LA THABELA HO SE LOKE EMPA LE THABELE ’NETE. EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke ka kutloisiso efe Tšepang a ileng a “thabela lintho tse sa lokang”?

  • Neo o ile a etsa joang hore moqoqo oa hae le Tšepang e be o hahang?

  • Ke lintho life tse hahang tseo re ka buisanang ka tsona?

Thabela ’nete eseng lintho tse sa lokang