Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato Kaha ba Baballa Bonngoe

Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato Kaha ba Baballa Bonngoe

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA: Bosiung ba pele Jesu a e-shoa, o ile a rapella hore barutuoa ba hae ba be bonngoeng. (Joh 17:23) E le hore re lule re le bonngoeng, re lokela ho ratana, etsoe lerato “ha le boloke tlaleho ea bobe”.—1Ko 13:5.

KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:

  • Etsisa Jehova ka ho bona lintho tse ntle ho ba bang

  • Ikemisetse ho tšoarela

  • Ka mor’a ho rarolla qabang, u se ke oa bua ka eona hape.—Lipr 17:9

SHEBELLANG VIDEO E RENG “LE BE LE LERATO HAR’A LŌNA”—LE SE KE LA BOLOKA TLALEHO EA BOBE. EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Karolong e qalang ea video, Moipone o ile a bontša joang hore o ‘boloka tlaleho ea bobe’?

  • Karolong ea bobeli ea video, Moipone o ile a hlola maikutlo ao a mabe joang ’me a sheba lintho ka leihlo le nepahetseng?

  • Qetellong, Moipone o ile a tlatsetsa bonngoeng ba phutheho joang?

Ke mang ea utloang bohloko ka ho fetisisa ha re boloka tlaleho ea bobe?