Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ho Ntlafatsa Tsebo Ea Rōna Boboleling—Ho khothalletsa ba Thahasellang ho ea Libokeng

Ho Ntlafatsa Tsebo Ea Rōna Boboleling—Ho khothalletsa ba Thahasellang ho ea Libokeng

KE HOBANE’NG HA E LE HABOHLOKOA?: Ha re le libokeng re ba le monyetla oa ho ‘binela Jehova’ le ho ‘mo rorisa.’ (Pes 149:1) Ha re le libokeng, re rutoa ho etsa thato ea Molimo. (Pes 143:10) Hangata batho ba thahasellang le lithuto tsa Bibele ba tsoela pele ka potlako ha ba ea libokeng.

RE KA HO ETSA JOANG?:

  • Potlakela ho ba mema. U se ke ua emela hore thuto e tsitse.—Tše 22:17

  • Mo hlalosetse hore na ho etsahala’ng libokeng le hore na ho tla buua ka eng libokeng tse latelang. U ka thusoa ke lintho tse latelang: memo ea ho memela batho libokeng, video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso?, le thuto ea 5 le 7 bukaneng ea Thato ea Jehova

  • Mo thuse. U ka mo palamisa e le hore a be teng libokeng kapa ua mo thusa ho khetha liaparo tse loketseng. Lula pel’a hae ka libokeng ’me o shebisane le eena libukeng tsa hao. Mo tsebise bara le barali babo rōna