Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Qoba ho Etsa Liphoso Tsena ha U Khanna Thuto ea Bibele

Qoba ho Etsa Liphoso Tsena ha U Khanna Thuto ea Bibele

Ho Bua Haholo: U se ke ua nahana hore u lokela ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Jesu o ne a botsa lipotso ho thusa batho ho nahana le ho etsa liqeto tse nepahetseng. (Mat 17:24-27) Lipotso li etsa hore thuto e be monate ebile li u thusa ho bona lintho tseo seithuti sa hao se li utloisisang le tseo se li lumelang. (be 253 ¶3-4) Ha u botsitse potso, u se ke ua fela pelo ha u ntse u emetse hore se arabe. Haeba seithuti se fana ka karabo e fosahetseng, u se ke ua se bolella e nepahetseng, empa u se botse lipotso tse ling e le hore se iphumanele karabo e nepahetseng. (be 238 ¶1-2) Bua le seithuti ka tsela eo ho tla ba bonolo hore se utloisise.—be 230 ¶4.

Ho Thatafatsa Thuto: Qoba leraba la ho bolela sohle seo u se tsebang ka taba eo le ithutang eona. (Joh 16:12) Bua ka lintlha tsa bohlokoa tse hlahang serapeng. (be 226 ¶4-5) Ho bua ka lintlha tse ngata, le hoja li le monate, ho ka etsa hore motho a lebale lintlha tsa bohlokoa. (be 235 ¶3) Hang ha seithuti se utloisisa ntlha ea bohlokoa, fetela serapeng se latelang.

Ho Balla ho Qeta Buka: Re lokela ho ikemisetsa ho thusa seithuti hore se utloisise taba, e seng feela hore se qete buka. (Lu 24:32) Thusa seithuti sa hao ho bona hore Lentsoe la Molimo le matla ka hore u bale mangolo a sehlooho a hlahang karolong eo le ithutang eona. (2Ko 10:4; Heb 4:12; be 144 ¶1-3) Sebelisa lipapiso tse bonolo. (be 245 ¶2-4) Nahana ka mathata ao seithuti se nang le ’ona le seo se se lumelang, ebe u etsa hore thuto e lumellane le maemo a sona. Se botse lipotso tse kang tsena: “U ikutloa joang ka seo u ithutang sona?” “See se re ruta’ng ka Jehova?” “U ka rua molemo ofe ha u mamela keletso ee?”—be 238 ¶3-5; 259 ¶1.