Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Haeba re Fumana Ngoana Lapeng

Haeba re Fumana Ngoana Lapeng

Haeba re fumana ngoana lapeng, re lokela ho kōpa ho bua le batsoali ba hae. Sena se bontša hore rea ba hlompha. (Lipr 6:20) Ha rea lokela ho lumela haeba ngoana a re re kene ka tlung. Haeba batsoali ba hae ba le sieo, re lokela ho khutlela lapeng leo ka nako e ’ngoe.

Haeba ngoana eo a le moholoanyane, mohlomong a le lilemong tsa bocha, re ntse re lokela ho kōpa hore a re bitsetse batsoali ba hae. Haeba ba le sieo, re ka ’na ra mo botsa hore na batsoali ba hae ba mo lumella ho bala lingoliloeng tsa rōna. Haeba baa mo lumella, re ka mo fa lingoliloeng ra ba ra mo kōpa hore a kene ho jw.org.

Ha re khutlela ho mocha ea thahasellang, re lokela ho kōpa ho kopana le batsoali ba hae. Sena se tla re nolofalletsa ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha re etetse lapeng moo re be re ba bontše keletso ea Bibele e ka thusang malapa. (Pes 119:86, 138) Re ka fana ka bopaki bo botle ha re nahanela batsoali re bile re ba hlompha ’me sena se ka re bulela menyetla e meng ea ho bolella lelapa leo molaetsa oa Bibele.—1Pe 2:12.