Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

La 16-22 September

PESALEME EA 85-87

La 16-22 September

Pina ea 41 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mets.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. Thapelo e re Thusa Hore re Mamelle

(10 mets.)

Kopa Jehova a u thuse hore u lule u thabile (Ps 86:4)

Kopa Jehova hore a u thuse hore u lule u tšepahala (Ps 86:11, 12; w12 5/15 25 ¶10)

E ba le tšepo ea hore Jehova o tla araba lithapelo tsa hao (Ps 86:​6, 7; w23.05 13 ¶17-18)


IPOTSE, ‘Na ha ke e-na le mathata ke ipha nako e lekaneng ea ho rapela Jehova ebile ke mo rapela hangata?’—Ps 86:3.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 86:11—Thapelo ea Davida e re bolella’ng ka pelo ea motho? (it-1-E 1058 ¶5)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Kopa ho ithuta Bibele le motho. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Nakong e fetileng, motho eo u ntseng u qoqa le eena o ne a tšoenyehile ka ntho e sa tsoa etsahala sebakeng sa habo. Lekhetlong lena, kopa ho ithuta Bibele le eena. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 4)

6. Ho Etsa Barutuoa

(5 mets.) lff khaolo ea 15 ntlha ea 5. Buisana le motho eo u ithutang le eena hore na u entse litlhophiso life e le hore thuto e ka tsoela pele bekeng e tlang ha uena u le sieo. (lmd thuto ea 10 ntlha ea 4)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 83

7. U se ke oa Tela

(5 mets.) Puisano.

Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke hobane’ng ha ka linako tse ling re ka utloa re sa batle ho tsoela pele re etsa mosebetsi oa boboleli?

  • Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tela?

8. Tsoela Pele ho Ithaopela ho Ruta Batho Bibele

(10 mets.) Puisano.

Na u se u qalile ho sebelisa bukana ea U ka Thaba ka ho sa Feleng! ho qalisa thuto ea Bibele letšolong le khethehileng la khoeling ee? Haeba ho joalo, e tlameha ebe u thabetse ho etsa seo. Ho ka etsahala hore ebe seo se khothalitse le ba bang. Mohlomong haeba ha u e-s’o khone ho qalisa thuto ea Bibele, u ikutloa eka mosebetsi oa hao ke oa lefeela. U ka etsa’ng haeba ntho eo e u nyahamisa?

Shebellang TŠOANTŠISO ea “Rea Bontša Hore re Basebeletsi ba Molimo . . . ka ho Mamella”—Ha re Ruta Batho Molaetsa oa Bibele ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • 2 Bakorinthe 6:​4, 6 e ka re thusa joang haeba re bona eka ha re atlehe boboleling?

  • Ke liphetoho life tseo u ka li etsang ha u bona boiteko ba hao ba ho qalisa lithuto bo sa atlehe?

Hopola hore thabo ea rona ha ea itšetleha ka ho qalisa lithuto tsa Bibele kapa ho li khanna. Leha ho le joalo, re thabisoa ke ho tseba hore Jehova o ananela boiteko bohle boo re bo etsang. (Lu 10:​17-20) Kahoo tsoelang pele le tšehetsa letšolo lena le khethehileng ka pelo eohle le tseba hore “mosebetsi oo le o etsetsang Morena ha se oa lefeela.”—1Ko 15:58.

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 39 le Thapelo