Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Iseraele: Ba sebelisa tablet ho ruta ka ’Muso oa Molimo

HO BOLELA LE HO RUTA LEFATŠENG LOHLE

Asia le Bochabela bo Hare

Asia le Bochabela bo Hare
  • PALO EA LINAHA 49

  • PALO EA BAAHI 4 409 131 383

  • PALO EA BAHOELETSI 718 716

  • PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 766 364

Lihora Tse Lekholo Bakeng sa Lilemo Tse Lekholo

Ho e ’ngoe ea linaha tsa Asia, ’mabotle ea tummeng ea bapalang litšoantšiso tsa thelevishene o ile a lumela ho ithuta Bibele. Hang-hang o ile a sebelisa seo a ithutileng sona ’me a lahla libuka tsa hae tse amanang le bodemona, a ba a lahla le litšoantšo tsa Mabuddha.

Mosali e mong ea neng a tloaelane le eena o ile a mo phehella a re: “Ke hobane’ng ha u sa tlohele ho ithuta Bibele ka lilemo tse tharo feela, e le hore u tsepamise kelello mosebetsing oa hao? Ka mor’a moo u ka qalella hape ho ithuta.”

’Mabotle eo o ile a mo araba a re: “Ke qetile lilemo tse 24 ke ntse ke batla ho ithuta ka Jehova. Nke ke ka ema lilemo tse ling tse tharo.”

Bekeng eo a neng a tl’o fana ka puo ea hae ea pele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, k’hamphani e ’ngoe ea lifilimi e ile ea mo founela. E ne e mo tšepisa mosebetsi oa lilemo tse ’nè o lefang haholo, hafeela a ka lumela ho bapala karolo leha e le efe eo ba mo khethelang eona. O ile a hana mosebetsi oo. Ka May 2014, e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me ha August e atamela, o ile a re o batla ho etsa lihora tse lekholo khoeling eo. Ha a botsoa hore na ke hobane’ng, o ile a re, “Ke batla ho keteka lilemo tse lekholo tsa puso ea Jesu ka hore ke etse lihora tse lekholo!” O ile a finyella morero oa hae. O ile a kolobetsoa ka January 2015, ’me hona joale ke pula-maliboho ea thusang.

Re Sebelisa Hamolemo Bosiu Boo re bo Qetileng Teronkong

Baralib’abo rōna ba bane ba Sri Lanka ba ile ba tsamaea ka bese ho ea tšimong e sa abuoang, e nang le Mabuddha a mangata. Letsatsing la bobeli ba le moo, moitlami e mong oa monna hammoho le mokhanni oa tekesi ba ile ba ba qholotsa. Ka mor’a moo, ba ile ba lika-liketsoa ke sehlopha se halefileng sa batho ba ka bang 30. Mapolesa a ile a fihla, ’me a nka baralib’abo rōna a ba isa seteisheneng sa mapolesa, eaba ba robala moo le hoja ba ne ba sa qosoa ka letho. Ba ile ba koalloa le linokoane tse kotsi tse litlhapa, empa ho ba sebakeng seo ho ile ha ba bulela monyetla oa ho paka. Morali’abo rōna e mong o re: “Ke ne ke koaletsoe le babolai, empa ke ile ka khona ho ba ruta ’nete. Ba ne ba makaletse hore ebe ke moo, ’me ba mpotsa lipotso tse ngata ka bolumeli ba ka. Motho e mong o ile a ba a mpotsa a re, ‘Ke hobane’ng ha u thabile hakaale?’”

Sri Lanka: Baralib’abo rōna ba bane ba ile tšimong e sa abuoang ka bese

Re butse nyeoe khahlanong le mapolesa Lekhotleng le ka Holimo-limo la Sri Lanka, kaha a hateletse litokelo tsa rōna ka hore a re koalle ho se letho leo re qosoang ka lona. Nyeoe ena ha e-s’o sebetsoe.

Mosali ea Holofetseng o Ithuta Bibele

Morali’abo rōna oa pula-maliboho oa Japane ea bitsoang Michiko, o ne a khannela nkhono e mong ea sepetlele thuto ka puo ea matsoho. O ile a botsa basebetsi ba moo hore na ho na le bakuli ba bang bao a ka buang le bona. Joale Michiko o ile a ea ho mokuli e mong ea bitsoang Kazumi, ea neng a utloa litsebeng empa a sa khone ho bua. Kazumi o ile a qhoala kotsing ea koloi ha a le lilemo li 23, kahoo, o ne a sa theohe betheng, a bile a sa khone ho koenya lijo kapa ho noa metsi. O ne a e-na le lipotso tse ngata ’me o ile a lumela ho ithuta Bibele.

Japane: Kazumi o thabela ho ngolla ba bang mangolo a khothatsang

Michiko o ne a botsa lipotso, ebe Kazumi o supa likarabo ka letsoho serapeng, kapa o li ngola fatše. Ha Kazumi a ba le selefouno, Michiko o ne a se a khona ho tšohla temana ea letsatsi le eena hoseng ho hong le ho hong. Le hoja boemo ba Kazumi ba bophelo bo ne bo ntse bo mpefala, o ile a tsoela pele ho matlafatsa kamano ea hae le Jehova ’me a re o batla ho ba Paki ea Jehova. Kazumi e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ha a le lilemo li 61, ka mor’a hore a ithute Bibele ka lilemo tse 13.

Kaha Kazumi ha a khone ho tsamaea, phutheho e lokiselitse hore a mamele liboka le likopano a le hona moo sepetlele. O fa baralib’abo rōna likarabo tsa hae tse lokiselitsoeng hantle, ebe baa li bala ha ba le libokeng.

Kazumi o ngolla liithuti tsa Bibele tse seng li tla libokeng mangolo a monate a khothatsang. O pakela basebetsi ba sepetlele le batho ba mo etelang. Kazumi o re ho bona, “Haeba le ithuta Bibele, le tla thaba.”

Moitlami oa Monna o Ithuta Bibele

Morali’abo rōna ea lulang naheng e ’ngoe Asia, o ile a kopana le monna e mong oa moitlami ha a ile ngakeng ea mahlo. O ile a botsa monna eo a re, “Na u ka rata ho phela ka ho sa feleng, u sa kule u bile u lula sebakeng se setle?” Ba ile ba buisana hamonate eaba o mo fa bukana ea Listen to God. Monna eo o ile a mo fa linomoro tsa hae eaba morali’abo rōna o li fa mor’abo rōna e mong phuthehong. Nakoana ka mor’a moo, mor’abo rōna o ile a founela monna eo eaba o mo mema hore a be teng puong e khethehileng. Monna eo o ile a thabela liboka, haholo-holo lipina tsa ’Muso, a boela a khahloa haholo ke hore ebe batho ba ile ba mo amohela ka thabo.

Ha monna eo a botsa hore na Lipaki li na le liunivesithi kapa likolo tsa boruti, mor’abo rōna o ile a mo hlalosetsa hore re ithuta Bibele le batho, ’me a botsa monna eo hore na a ke ke a thabela ho ithuta le eena. Bekeng e latelang, monna eo o ne a se a qetile ho bala khaolo ea pele ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? O ile a tsoela pele ho ithuta, a ba teng libokeng esita le ho arabela nakong ea Thuto ea Molula-Qhooa.

Monna eo o ile a ea kopanong ea potoloho, ’me ha a le moo, mor’abo rōna ea tsoang lekaleng a mo mema hore a etele Bethele. Bekeng e latelang, o ile a nka leeto la lihora tse leshome ho ea Bethele, ’me a amoheloa ka mofuthu. Ho elella qetellong ea February 2015, o ile a tlohella boitlami ’me a tsoela pele ho ithuta Bibele le ho nka karolo libokeng tsa Bokreste.

O ne a Lahlehile, Empa a Fumanoa

Haufinyane tjena, bo-pula-maliboho ba ile ba romeloa leboea-bochabela ho India, moo ho neng ho se ho fetile lilemo litaba tse molemo li sa boleloe. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba fumana batho ba bangata ba thahasellang, kahoo ba batla sebaka seo ba ka tšoarelang liboka ho sona. Ha ba ea thutong e ’ngoe ea bona, ba ile ba bona ntlo e ntseng e hahuoa, kahoo ba nahana hore ba botse ka eona. Ba ile ba khutla e le hore ba il’o botsa. Ha ba fihla moo, ba ile ba fumana nkhono e mong, ’me ba mo bolella hore ke Lipaki Tsa Jehova. O ile a thaba ’me a re, “Le ’na ke Paki ea Jehova,” eaba o ba amohela ka mofuthu. O ile a ba bontša lingoliloeng tseo a nang le tsona tsa bo-1970 le bo-1980. O ne a kile a ithuta Bibele le bo-pula-maliboho ba neng ba le moo lilemong tse 30 tse fetileng, ’me a ba teng libokeng ho sa tsotellehe khanyetso ea monna oa hae. O ne a kholisehile hore seo a ithutang sona ke ’nete, empa a lahlehelana le mokhatlo ha bo-pula-maliboho bao ba tloha sebakeng seo. Bana ba hae kaofela e ile ea e-ba litho tsa malumeli a sa tšoaneng, empa eena o ne a hana ho ea kerekeng.

India: Nkhono o bontša bo-pula-maliboho libuka tsa hae tsa bo-1970 le bo-1980

Morao tjena, bana ba hae ba ne ba boetse ba mo hatella hore e be setho sa Kereke e K’hatholike, e le hore kereke e tle e tsebe ho mo pata ha a hlokahala. Ngoan’abo o ile a ba a mo nka ka koloi hore a il’o ingolisa kerekeng e K’hatholike, empa ba khutla tseleng, ka lebaka la sephethephethe. Letsatsing le hlahlamang ha ba lokela ho khutlela, ngoan’abo o ile a kula. Bo-pula-maliboho ba ile ba etela nkhono hona letsatsing leo! Hona joale o se a ithuta Bibele hape le ho ba teng libokeng, ’me o khothalletsa bana ba hae le litloholo hore le bona ba ithute Bibele.