Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho tšoeroe kopano nakong eo mosebetsi oa Lipaki o thibetsoeng, ’me ba bang ba mametse ba le ka sekepeng

INDONESIA

Lipaki li ne li Ikemiselitse ho Tsoela Pele

Lipaki li ne li Ikemiselitse ho Tsoela Pele

Ha barab’abo rōna ba lekaleng ba utloa hore mosebetsi oa boboleli o thibetsoe, ba ile ba nka bohato. Ronald Jacka o re: “Re ile ra nka chelete e neng e le ofising ea lekala, lingoliloeng le litokomane tsa bohlokoa, ’me ra li pata matlong a sa tšoaneng ho pholletsa le Jakarta. Eaba re fallisetsa ofisi ea lekala sebakeng se tsejoang ke rōna feela, ’me ra rekisa mohaho oo e neng e le ho oona pele.”

Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba tsoela pele ho bolela ka sebete. Ba ne ba se ba ile ba mamella liteko tse matla pele ho thibelo eo, ’me ba ile ba tsoela pele ho tšepa Jehova. Empa ba bang ba ile ba tsometsoa. Baholo ba seng bakae ba ile ba tšoha, ’me ba saena tokomane ea hore ba tla khaotsa ho bolela. Ba bang ba ile ba fana ka mabitso a litho tse ling tsa phutheho ho ba boholong. Ofisi ea lekala e ile ea romela barab’abo rōna ba hōlileng tsebong hore ba matlafatse liphutheho le ho thusa ba sa kang ba tšepahala. Mor’abo rōna John Booth oa Sehlopha se Busang le eena o ile a etela Indonesia, ’me a eletsa barab’abo rōna hore na ba etse lintho joang.

Ho hlakile hore Jehova, Molisa e Moholo, o ne a matlafatsa le ho tšelisa batho ba hae. (Ezek. 34:15) Baholo ba ile ba phetha boikarabelo ba bona haholoanyane, ba etella phutheho pele mosebetsing oa boboleli ’me bahoeletsi ba sebelisa litsela tse ncha tsa ho bolela. (Mat. 10:16) Barab’abo rōna ba bangata ba ne ba reka Libibele tsa theko e tlaase tse hatisoang ke Mokhatlo oa Bibele oa Indonesia ebe ba li fa batho, ’me ka bohlale ba ba bolella molaetsa oa ’Muso ha ho khoneha. Ba bang bona ba ne ba tlosa leqephe le bontšang hore lingoliloeng tsa rōna li hatisitsoe ke Lipaki, ebe ba li fa batho ba thahasellang. Bo-pula-maliboho ba bangata ba ne ba etsa eka baa rekisa ha ba bolela, feela joalokaha ba bang ba ’nile ba etsa nakong ea puso ea Majapane.

Margarete le Norbert Häusler

Ka 1977, ba Lefapha la Litaba Tsa Bolumeli ba ile ba boela ba sitisa mosebetsi oa Lipaki. Ba ile ba hana ho nchafatsa li-visa tsa baromuoa. Baromuoa ba bangata ba Lipaki ba ile ba abeloa ho ea sebeletsa linaheng tse ling. * Moromuoa e mong ea bitsoang Norbert Häusler ea neng a sebeletsa Manado, North Sulawesi le mosali oa hae Margarete, o re: “Bara le barali babo rōna ba makholo ba ile ba tla boema-fofane ho tla re fonanisa. Re ile ra hloa litepisi tse ’maloa tsa sefofane, eaba rea ema, rea ba sheba. Kaofela ba ne ba re fokela matsoho ’me ba ntse ba re: ‘Rea leboha. Rea leboha hore ebe le ile la tla mona.’ Re ile ra kena ka sefofaneng ’me ra lla.”

Mahloriso Sumba

Ha taba ea hore mosebetsi o thibetsoe e ntse e nama lihlekehlekeng, Likereke Tsa Bokreste Tsa Indonesia li ile tsa bolella litho tsa tsona hore li tlalehe mosebetsi leha e le ofe oo Lipaki li o etsang. Sena se ile sa etsa hore Lipaki tse ngata li tšoaroe.

Molaoli oa sesole o ile a laela barab’abo rōna ba 23 ba motseng oa Waingapu, o sehlekehlekeng sa Sumba, hore ba tle kampong ea sesole ho tla saena tokomane ea hore ha e sa le Lipaki. Ha ba hana ho e saena, molaoli eo o ile a re ba khutle hape hosane, ’me ba ne ba tla lokela ho tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 14 ka maoto.

Ha barab’abo rōna ba khutlela ho molaoli eo letsatsing le hlahlamang, ba ile ba bitsoa ka bonngoe, ’me ba laeloa hore ba saene tokomane ea hore ha e sa le Lipaki. Ha barab’abo rōna ba hana ho e saena, masole a ne a ba shapa ka lekala le meutloa. A ne a halefa ’me a tlatsa lerata, ebe a otla barab’abo rōna ba bang ho fihlela ba ilibana. Barab’abo rōna ba bang ba ne ba shebeletse, ba emetse hore le bona ba bitsoe. Qetellong, mor’abo rōna e monyenyane ea bitsoang Mone Kele o ile a atamela, ’me a ngola tokomaneng eo. Barab’abo rōna ba ile ba nyahama, empa ba makala ha ba bona lesole le tuka ke bohale. Mone o ne a itse: “Ke ikemiselitse ho lula ke le Paki ea Jehova ka ho sa feleng!” Masole a ile a otla Mone hoo a ileng a kena sepetlele, empa o ile a lula a le matla tumelong.

Molaoli oa sesole o ile a leka ka matsatsi a 11 ho etsa hore barab’abo rōna ba khaotse ho ba Lipaki. O ile a ba laela hore ba eme mochesong o bataolang oa letsatsi letšehare lohle. A ba qobella hore ba khase sebaka se selelele le hore ba mathe ba nkile meroalo e boima. O ile a boela a ba tšosa ka hore a ba behe thipa molaleng, ebe o ba laela hore ba hlomphe folakha, empa ba ile ba hana. Kahoo, o ile a laela hore ba shapuoe le ho feta.

Hoseng ho hong le ho hong, barab’abo rōna ba ne ba hulanya maoto ho leba kampong, ba ipotsa hore na ba tjametsoe ke eng letsatsing leo. Ha ba le tseleng, ba ne ba rapela hammoho ’me ba khothatsana hore ba lule ba tšepahala. Mantsiboea ba ne ba khutlela hae ba ruruhile ba bile ba tletse mali, empa ba thabisoa ke hore ba ile ba tšepahala ho Jehova.

Ha barab’abo rōna ba lekaleng ba utloa kamoo bara bao babo rōna ba tšoeroeng hampe kateng, hang-hang ba ile ba romela lengolo la boipelaetso ho molaoli oa sesole oa Waingapu, oa Timor le oa Bali, ho akarelletsa le ho molaoli ea phahameng oa sesole oa Jakarta le ho ba bang ba boholong pusong. Ha molaoli oa sesole oa Waingapu a hlokomela hore liketso tsa hae tse sehlōhō li se li tsebahala ho pholletsa le Indonesia, o ile a soaba ’me a khaotsa ho hlorisa barab’abo rōna.

“Lipaki Tsa Jehova li na le Tumelo e Matla”

Lilemong tse latelang, Lipaki tse ngata li ’nile tsa tšoaroa le ho hlokofatsoa naheng eohle ea Indonesia. Moromuoa e mong ea bitsoang Bill Perrie o re: “Sebakeng se seng, barab’abo rōna ba bangata ba ne ba ntšitsoe meno a ka pele. Ha ba kopana le Paki e ntseng e e-na le meno, ba ne ba bua ka bosoasoi ba re, ‘U sa tsoa fihla kapa ha ua ka ua tšepahala?’ Barab’abo rōna ba ileng ba hlorisoa, ba ile ba lula ba thabile ba bile ba chesehela ho sebeletsa Jehova, ho sa tsotellehe liteko tseo ba ’nileng ba tobana le tsona.”

“Ho ba teronkong ho nthusitse hore ke tšepe Jehova haholoanyane, le ho ba le kamano e haufi le eena”

Nakong ea lilemo tse 13, Lipaki tse 93 li ’nile tsa ahloleloa ho qeta likhoeli tse peli ho isa ho lilemo tse ’nè li le teronkong. Mahloriso a ile a etsa hore li ikemisetse le ho feta ho lula li tšepahala ho Jehova. Ha Musa Rade a lokolloa teronkong ka mor’a likhoeli tse robeli, o ile a etela barab’abo rōna ba motseng oa habo ho ba khothatsa hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa boboleli. O re: “Ho ba teronkong ho nthusitse hore ke tšepe Jehova haholoanyane, le ho ba le kamano e haufi le eena.” Ke ka lebaka leo batho ba bang ba ileng ba re: “Lipaki Tsa Jehova li na le tumelo e matla. Ha u li hlorisa, tumelo ea tsona e ba matla le ho feta.”

Bahoeletsi ba tseleng e eang Ambon, Maluku, ho ea bolela litaba tse molemo

^ par. 6 Kaha baromuoa ba pele e leng Peter Vanderhaegen le Len Davis ba ne ba se ba hōlile, ’me Marian Tambunan (eo e neng e le Stoove) a nyetsoe ke Moindonesia, ba ile ba lumelloa ho tsoela pele ba lula Indonesia. Ka boraro ba bona ba ile ba tsoela pele ba chesehela tšebeletso, ’me ba atleha le hoja mosebetsi o ne o thibetsoe.