Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Ba Motlotlo ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova

Ba Motlotlo ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova

Lilemong tse ngata tseo mosebetsi o neng o thibetsoe ka tsona Indonesia, barab’abo rōna ba ile ba mamela keletso ea Jesu ea hore ba ‘be seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloke molato joaloka maeba.’ (Mat. 10:16) Empa ha thibelo eo e felisoa, ba bangata ba ile ba lokela ho ithuta ho bolela litaba tse molemo “ka sebete.”—Lik. 4:31.

Ka mohlala, barab’abo rōna ba bang ba ne ba le leqe ho bolela ka ntlo le ntlo empa ba thabela feela ho etsa maeto a ho boela le ho khanna lithuto tsa Bibele. Ba bang ba ne ba sa rate ho pakela Mamosleme. Ba bangata ba ne ba ipitsa Bakreste ho e-na le hore ba ipitse Lipaki Tsa Jehova ’me ba sebelisa Libibele tse ling ho e-na le hore ba sebelise Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Seindonesia. * Ba bang ba ne ba tšaba ho fa batho lingoliloeng.

E meng ea mekhoa ena e ne e bakiloe ke hore barab’abo rōna ba bile tlas’a thibelo ka nako e telele. E meng e ne e susumetsoa ke tloaelo eo Maindonesia a nang le eona ea hore ho molemo ho thōla ho e-na le ho tsosa likhang. Barab’abo rōna ba ne ba tla thusoa joang?

Jehova o ile a ba thusa ka hore barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba ba eletse ka lerato. (Baef. 4:11, 12) Ka mohlala, ka 2010, Mor’abo rōna Stephen Lett oa Sehlopha se Busang o ile a etela Indonesia ’me a khothalletsa barab’abo rōna hore ba tsebahatse lebitso la Molimo ka hore ba sebelise Phetolelo ea Lefatše le Lecha boboleling. Misja Beerens, eo e leng moromuoa Indonesia o re: “Puo ea Mor’abo rōna Lett e ile ea ama lipelo tsa bahoeletsi ba bangata. Ba ile ba hlokomela hore ba lokela ho itsebahatsa hore ke Lipaki Tsa Jehova le hore ba be motlotlo ho sebelisa Lentsoe la Molimo.”

Kaha hangata Mamosleme a Indonesia a nahana hore Lipaki Tsa Jehova ke Bakreste ba bohata, Tšebeletso ea ’Muso ea Indonesia e ile ea fana ka tataiso ena: “Ho molemo hore re ipolele hore re Lipaki Tsa Jehova li sa tloha ha re buisana le batho. . . . Re motlotlo ho emela Jehova, ’me re batla ho tsebisa batho lebitso la hae le merero ea hae!” Shinsuke Kawamoto, ea sebeletsang ofising ea lekala Indonesia, o re: “Ho bua le batho ka tsela ena e tobileng le e masene ho hlahisa litholoana tse ntle. Mamosleme a mangata a thahasella ho tseba ho eketsehileng ka Lipaki Tsa Jehova. A batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha re fapane le malumeli a mang. Seo se re bulela monyetla oa hore re a pakele.”

Bahoeletsi ba ile ba boela ba khothalletsoa hore ba tsamaise limakasine tse eketsehileng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lothar Mihank, eo e leng mohokahanyi oa Komiti ea Lekala o re: “Batho ba lokela ho bala limakasine tsa rōna e le hore ba re tsebe. Limakasine li nolofatsa lipelo tsa batho, e leng se etsang hore ho be bonolo hore ba amohele ’nete. Ha re li abela batho ba bangata kamoo ho ka khonehang, re ba fa monyetla oa hore ba ithute ka Jehova.”

Ho Paka Phatlalatsa ho Tlisa Keketseho

Ka 2013, Sehlopha se Busang se ile sa lumella lekala la Indonesia hore le qale ho sebelisa mekhoa e ’meli e mecha ea ho paka, e leng: ho paka phatlalatsa litoropong tse khōlō le ho paka phatlalatsa ka liphutheho. Mekhoa ena ea ho paka e thusa batho ba bangata ba Indonesia hore ba utloe litaba tse molemo.

E ’ngoe ea litafole tsa pele tsa ho paka phatlalatsa, e ile ea behoa setsing se seholo sa mabenkele West Jakarta. Liphutheho le tsona li ile tsa qala ho beha litafole tsa lingoliloeng le litoroli libakeng tseo li sebetsang tšimo ho tsona. Ka mor’a selemo, ho ne ho se ho e-na le libaka tse fetang 400 tseo ho behiloeng litafole le litoroli tsa ho paka ho tsona, litoropong tse fapa-fapaneng tsa Indonesia. Seo se bile le phello efe?

Moholo e mong oa Jakarta, e leng Yusak Uniplaita o re: “Pele re qala mokhoa ona oa ho paka phatlalatsa, phutheho e ne e odara limakasine tse 1 200 feela ka khoeli. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, re ne re se re odara tse 6 000. Hona joale re odara limakasine tse 8 000 ka khoeli. Re boetse re tsamaisa libuka tse ngata le libukana.” Bo-pula-maliboho ba seng bakae ba Medan, North Sumatra, ba ile ba beha litoroli tsa lingoliloeng libakeng tse tharo. Khoeling ea pele, ba ile ba tsamaisa libuka tse 115 le limakasine tse ka bang 1 800. Khoeling ea bobeli, ho ne ho se ho e-na le bo-pula-maliboho ba 60 ba sebeletsang libakeng tse supileng, ’me ba ile ba tsamaisa libuka tse fetang 1 200 le limakasine tse 12 400. Jesse Clark, eo e leng moromuoa o re: “Mekhoa ena e mecha ea ho paka e natefela barab’abo rōna, ebile e beha litholoana tse ntle Indonesia. Re ke ke ra khaotsa ho paka phatlalatsa!”

Ba Sebelisa Puo e Amang Batho Lipelo

Indonesia ke e ’ngoe ea linaha tseo ho tsona ho buuoang lipuo tse ngata ka ho fetisisa lefatšeng. * Le hoja batho ba bangata ba buisana ka Seindonesia, ba boetse ba na le lipuo tsa bona tseo ba hōtseng ba li bua, e leng lipuo tse ba amang lipelo.

Thimi ea phetolelo ea Batak-Toba e North Sumatra

Ka 2012, ofisi ea lekala e ile ea sheba hore na e ka thusa batho ba Indonesia ba buang lipuo tse ngata joang hore ba finyelloe ka litaba tse molemo. Tom Van Leemputten o re: “Re ile ra qala ka ho fetolela lingoliloeng ka lipuo tse 12 tsa Indonesia tse buuoang ke batho ba ka bang limilione tse 120. Ha bafetoleli ba Sejava ba bona pampitšana ea pele ea Sejava eo ba e fetoletseng, ba ile ba ntša meokho ea thabo. Qetellong, ba ne ba e-na le sengoliloeng ka puo ea bona!”

Leha ho le joalo, liphutheho tse ngata li ne li ntse li tšoara liboka ka Seindonesia, esita le libakeng tseo batho ba neng ba bua lipuo tse ling. Lothar Mihank o re: “Ka 2013, ’na le mosali oa ka, Carmen, re ile ra ea kopanong ea matsatsi a mabeli Sehlekehlekeng sa Nias se North Sumatra. Kopanong eo ho ne ho e-na le batho ba 400, ’me boholo ba bona ba ne ba bua Senias, empa lipuo kaofela li ne li fanoa ka Seindonesia. Ka mor’a hore re buisane le libui, re ile ra tsebisa bamameli hore letsatsing le latelang lipuo li tla behoa ka Senias. Letsatsing le hlahlamang, batho ba fetang 600 ba ile ba tlala ka holong ea kopano.” Carmen o re: “Ho ne ho bonahala hore batho ba ne ba mametse lipuo tse fanoang ka Senias ka hloko ho feta tse ileng tsa fanoa ka Seindonesia letsatsing le fetileng. Ba ile ba thabela ho utloa molaetsa oa Bibele ka puo ea bona.”

Motho ea sa utloeng litsebeng o rutoa Bibele

Esita le batho ba sa utloeng litsebeng ba Indonesia ba se ba rutoa Bibele ka puo ea bona. Ho tloha ka 2010, ho se ho fetoletsoe libukana tse supileng le lipampitšana tse robeli tsa Puo ea Matsoho ea Indonesia. Ho feta moo, ofisi ea lekala e hlophisitse litlelase tse 24 tsa puo ea matsoho ’me ho se ho koetlisitsoe batho ba fetang 750 ho tsona. Kajeno, liphutheho tsa puo ea matsoho tse 23 le lihlopha, li bolela litaba tse molemo ho batho ba ka bang limilione tse tharo ba sa utloeng litsebeng ba Indonesia.

Hona joale, ho na le lithimi tsa phetolelo tse 37 Indonesia. Ho na le bafetoleli ba 117 le basebetsi ba 50 ba thusang bafetoleli, ’me lithimi li sebeletsa libakeng tse 19 ho pholletsa le naha eo.

^ par. 4 Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletseng ea Seindonesia e ile ea lokolloa ka 1999. Bafetoleli ba ile ba sebetsa ka thata ka lilemo tse supileng le hoja mosebetsi o ne o thibetsoe. Lilemo tse ’maloa hamorao, libuka tse peli tsa Insight on the Scriptures le Watchtower Library e ho CD-ROM li ile tsa lokolloa ka Seindonesia, ka lebaka la boikitlaetso bo matla ba bafetoleli!

^ par. 14 Ho buuoa lipuo tse 707 Indonesia, ha naheng ea boahisani e ka bochabela e leng Papua New Guinea teng, ho buuoa tse 838.