Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

INDONESIA

Ke Ile ka Pholoha Litlhaselo Tsa Makomonisi

Ronald Jacka

Ke Ile ka Pholoha Litlhaselo Tsa Makomonisi
  • O HLAHILE KA 1928

  • O KOLOBELITSOE KA 1941

  • PALE EA BOPHELO BA HAE E ne e le mohlanka oa ofisi ea lekala ea Indonesia ka lilemo tse fetang 25.

HOSENG ha la 1 October, 1965, masole a neng a amahanngoa le Mokha oa Makomonisi oa Indonesia (PKI) a ile a bolaea balaoli ba tšeletseng ba sesole nakong eo a neng a leka ho liha ’muso. ’Muso o ile oa nka khato ka potlako ’me oa iphetetsa. Naheng eohle ho ile ha tlala lintoa, ’me ha bolaoa makomonisi a ka bang 500 000 ka sehlōhō.

Libekeng tse ’maloa ka mor’a hore masole ao a makomonisi a hlōlehe ho liha ’muso, molaoli e moholo oa sesole o ile a mpolella hore lebitso la ka le ne le hlaha lenaneng la batho bao makomonisi a neng a ikemiselitse ho ba bolaea. O ile a ba a ithaopela ho mpontša lebitla leo ba neng ba ncheketse lona, empa ha kea ka ka lumela. Kaha ke ne ke sa batle hore batho ba mpone ke e-na le eena, ebe ba nahana hore ke kenella litabeng tsa lipolotiki.