Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 91

Jesu o Ruta Thabeng

Jesu o Ruta Thabeng

BONA Jesu mona moo a lutseng teng. O rutela batho bana bohle thabeng e Galilea. Haufi le eena ho lutse barutuoa ba hae. O khethile ba 12 ba bona hore e be baapostola. Baapostola ke barutuoa ba Jesu ba khethehileng. Na u tseba mabitso a bona?

Ho na le Simone Petrose le ngoan’abo Andrease. Ho boetse ho na le Jakobo le Johanne, bao le bona e leng bana ba motho. Moapostola e mong hape o bitsoa Jakobo, ’me e mong ke Simone. Baapostola ba babeli ba bitsoa Judase. E mong ke Judase Iskariota, Judase e mong o boetse o bitsoa Thadiase. Hape ho na le Filipi le Nathanaele (eo hape a bitsoang Bartholome), le Matheu le Thomase.

Jesu ha a khutla Samaria, o ile a qala ho ruta ka lekhetlo la pele a re: ‘’Muso oa maholimo o atametse.’ Na ua tseba hore na ’muso oo ke’ng? Ke puso ea Molimo ea sebele. Jesu ke morena oa oona. O tla busa a le leholimong a tlise khotso lefatšeng. ’Muso oa Molimo o tla etsa hore lefatše lohle e be paradeise e ntle.

Mona Jesu o ruta batho ka ’muso oo. O re ho bona: ‘Le lokela ho rapela le re, “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le hlomphehe. ’Muso oa hao o tle. Thato ea hao e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”’ Batho ba bangata ba re ke ‘Thapelo ea Morena.’ Ba bang ba re ke ‘Thapelo ea Ntat’a Rōna.’ Na u ka etsa thapelo eo kaofela?

Jesu o boetse o ruta batho tsela eo ba lokelang ho tšoarana ka eona. O re: ‘Le tšoare ba bang ka tsela eo le ratang hore ba le tšoare ka eona.’ Na ha u rate ha batho ba bang ba u tšoara ka mosa? Kahoo Jesu o re re lokela ho tšoara ba bang ka mosa. Na ha e-na ho ba ho babatsehang ha bohle lefatšeng la paradeise ba tšoarana joalo?