Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 88

Johanne o Kolobetsa Jesu

Johanne o Kolobetsa Jesu

BONA leeba le theohelang hloohong ea monna eo. Monna eo ke Jesu. A ka ba lilemo li 30 joale. Monna ea nang le eena ke Johanne. Re se re ithutile ho hong ka eena. Na u sa hopola ha Maria a etetse Elizabetha, ’me ngoana a tlōla ka thabo ka mpeng ea Elizabetha? Lesea leo le neng le e-s’o tsoaloe e ne e le Johanne. Empa Jesu le Johanne ba etsa’ng joale?

Johanne o qeta ho qoelisa Jesu ka metsing, Nōkeng ea Jordane. Tsela eo motho a kolobetsoang ka eona ke ena. O qoelisoa ka metsing, a ntan’o phahamisoa. Kaha sena ke sona seo Johanne a se etsang ha batho ba tlile ho eena, o bitsoa Johanne Mokolobetsi. Empa ke hobane’ng ha Johanne a kolobetsa Jesu?

Johanne o kolobetsa Jesu hobane Jesu o tlile ho eena ’me o kōpile hore a mo kolobetse. Johanne o kolobetsa batho ba batlang ho bontša hore ba soabetse lintho tse mpe tseo ba li entseng. Empa na Jesu o ne a kile a etsa letho le lebe leo a ka le soabelang? Che, ha ho mohla Jesu a kileng a etsa letho le lebe, kaha ke Mora oa Molimo ea tsoang leholimong. Kahoo o ne a kōpa Johanne hore a mo kolobetse ka lebaka le leng lesele. A re bone lebaka leo.

Pele Jesu a tla ho Johanne, e ne e le ’metli. ’Metli ke motho ea etsang lintho tsa lepolanka, tse kang litafole, litulo le libenche. Josefa monna oa Maria e ne e le ’metli, ’me o ile a ruta Jesu hore e be ’metli ka ho tšoanang. Empa Jehova o ne a sa romela Mora enoa oa hae hore e tl’o ba ’metli lefatšeng. O ne a e-na le mosebetsi oa bohlokoa oo a batlang hore a o etse, ’me e ne e se e le nako ea hore Jesu a o qale. Kahoo Jesu o kōpa Johanne hore a mo kolobetse, e le ho bontša hore joale o tlil’o etsa thato ea Ntate oa hae. Na Molimo o thabisoa ke seo?

E, hobane ka mor’a hore Jesu a tsoe ka metsing, lentsoe le hlahang leholimong le re: ‘Enoa ke Mora oa ka, eo ke khahlisoang ke eena.’ Leholimo le lona le bonahala le buleha ’me leeba le theohela ho Jesu. Empa hase leeba la sebele. Le mpa le shebahala joaloka leeba. Ha e le hantle ke moea o halalelang oa Molimo.

Joale Jesu o lokela ho nahana ka lintho tse ngata, kahoo o qeta matsatsi a 40 a le sebakeng se ka thōko. Satane o tla ho eena ha a le moo. Satane o leka ka makhetlo a mararo ho etsa hore Jesu a tlōle melao ea Molimo. Empa Jesu oa hana.

Ka mor’a moo, Jesu oa khutla ’me o kopana le banna ba bang bao e-bang balateli ba hae ba pele, kapa barutuoa ba hae. Mabitso a ba bang ba bona ke Andrease, Petrose (eo hape a bitsoang Simone), Filipi le Nathanaele (eo hape a bitsoang Bartholome). Jesu o ea seterekeng sa Galilea le barutuoa bana ba bacha. Ha ba le Galilea ba fapohela motseng oa habo Nathanaele oa Kana. Moo Jesu o ea moketeng o moholo oa lenyalo, ’me o etsa mohlolo oa hae oa pele. Na ua tseba hore na ke ofe? O fetola metsi veine.