Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAROLO EA 5

Ho ba Botlamuoeng Babylona ho Isa ho Tsosolosoeng ha Marako a Jerusalema

Ho ba Botlamuoeng Babylona ho Isa ho Tsosolosoeng ha Marako a Jerusalema

Tumelo ea Baiseraele e ile ea lekoa hangata ha ba le botlamuoeng Babylona. Shadrake, Meshake le Abednego ba ile ba akheloa ka sebōping se chesang sa mollo, empa Molimo a ba ntša ba phela. Hamorao, ha Bamede le Bapersia ba se ba hlōtse Babylona, Daniele o ile a akheloa ka sekoting sa litau, empa le eena Molimo o ile a mo sireletsa a koala melomo ea litau.

Qetellong, Cyruse morena oa Persia, o ile a lokolla Baiseraele. Ba khutlela naheng ea habo bona ka mor’a hore ba qete lilemo tse 70 ba isitsoe Babylona e le batlamuoa. E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ba ileng ba li etsa ha ba khutlela Jerusalema e bile ho haha tempele ea Jehova. Empa ka mor’a nakoana, lira li ile tsa emisa mosebetsi oa bona. Kahoo ba ile ba qeta ho haha tempele ka mor’a lilemo tse ka bang 22 ba khutletse Jerusalema.

Re boetse re ithuta ka Esdrase ha a nka leeto a khutlela Jerusalema ho ea khabisa tempele. Sena se etsahetse ka mor’a lilemo tse 47 tempele e felile. Joale, Nehemia o ile a thusa ho tsosolosa marako a oeleng a Jerusalema, lilemo tse 13 ka mor’a hore Esdrase a nke leeto leo. Karolo ena ea BOHLANO e akaretsa lilemo tse 152 tsa pale ho tla fihlela nakong eo.