Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 78

Mongolo Leboteng

Mongolo Leboteng

HO ETSAHALA’NG joale? Batho ba entse mokete o moholo. Morena oa Babylona o memme baeti ba bohlokoa ba sekete. Ba sebelisa lijana tsa khauta le tsa silevera tse nkiloeng tempeleng ea Jehova e Jerusalema. Empa ka tšohanyetso ho hlaha menoana ea letsoho la motho moeeng ’me e qala ho ngola leboteng. Bohle ba tšohile.

Morena ke Belshatsare, setloholo sa Nebukadnezare. O re ho bitsoe banna ba hae ba bohlale. Morena o re: ‘Motho ea ka balang mongolo ona le ho mpolella seo o se bolelang, o tla fuoa limpho tse ngata a be a etsoe ’musi oa boraro oa bohlokoa ’musong.’ Empa ha ho le ea mong oa ba bohlale ea khonang ho bala mongolo o leboteng, kapa ho o hlalosa.

’Mè oa morena o utloa lerata ’me o kena ka tlung e khōlō ea morena ea lijo. O re ho morena: ‘U se ke ua tšoha hakana. Ho na le monna e mong ’musong oa hao ea tsebang melimo e halalelang. Ha ntat’ao-moholo Nebukadnezare e ne e le morena o ne a mo entse mookameli oa banna bohle ba hae ba bohlale. Lebitso la hae ke Daniele. Mo bitse, ’me o tla u bolella hore na sena sohle se bolela eng.’

Kahoo Daniele oa bitsoa. Ha Daniele a se a hanne ho amohela limpho tsohle, o hlalosa lebaka leo Jehova a ileng a tlosa ntate-moholo oa Belshatsare, e leng Nebukadnezare, boreneng ka lona. Daniele o re: ‘O ne a ikhohomosa haholo. ’Me Jehova a mo otla.’

Daniele o re ho Belshatsare: ‘Uena u tsebile tsohle tse ileng tsa mo hlahela, empa u ntse u ikhohomosa feela joaloka Nebukadnezare. U nkile lijana tse tsoang tempeleng ea Jehova, ’me ua li sebelisa. U rorisa melimo e entsoeng ka lehong le ka majoe, ha u tlotlise ’Mōpi oa rōna e Moholo. Ke kahoo Molimo a rometseng letsoho ho ngola mantsoe ana.’

Daniele o re: ‘Se ngotsoeng ke sena: “MENE, MENE, TEKEL le PARSIN.”’

‘MENE e bolela hore Molimo o balile matsatsi a ’muso oa hao ’me a felile. TEKEL e bolela hore u lekantsoe sekaleng ’me ua fumanoa u se na thuso. PARSIN e bolela hore ’muso oa hao o filoe Bamede le Bapersia.’

Ha Daniele a ntse a bua, Bamede le Bapersia ba se ba ntse ba qalile ho hlasela Babylona. Ba hapa motse ’me ba bolaea Belshatsare. Mongolo o leboteng o phethahala hona bosiung boo! Empa ho tla etsahala’ng ka Baiseraele joale? Re tla utloa hamorao, empa a re bone pele se etsahallang Daniele.