Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 82

Mordekai le Esthere

Mordekai le Esthere

A RE khutlele morao lilemo tse seng kae pele Esdrase a ea Jerusalema. Mordekai le Esthere ke Baiseraele ba bohlokoa haholo ’musong oa Persia. Esthere ke mofumahali, ’me khaitseli’ae ka malapa Mordekai o hlahlama morena ka matla. A re bone hore sena se etsahetse joang.

Batsoali ba Esthere ba shoele a sa le monyenyane, eaba o hōlisoa ke Mordekai. Assueruse, e leng morena oa Persia, o na le ntlo ea borena motseng oa Shushane, ’me Mordekai ke e mong oa bahlanka ba hae. Ka letsatsi le leng mosali oa morena, e leng Vashti, a se ke a mamela morena, kahoo morena a ikhethela mosali e mocha hore e be mofumahali oa hae. Na u tseba mosali eo a mo khethang? Ke moroetsana Esthere e motle.

Na u bona monna eo ea ikhohomosang eo batho ba mo inamelang? Ke Hamane. Ke motho oa bohlokoa haholo Persia. Hamane o batla hore le Mordekai, ea lutseng fatše moo, a mo inamele. Empa Mordekai oa hana. O nka hore ho fosahetse ho inamela motho e mobe joalo. Sena se halefisa Hamane haholo. Joale o etsa sena.

Hamane o bolella morena mashano ka Baiseraele. O re: ‘Ke batho ba babe ba sa mameleng melao ea hao. Ba lokela ho bolaoa.’ Assueruse ha a tsebe hore Esthere mosali oa hae ke Moiseraele. Kahoo o mamela Hamane, o re ho etsoe molao o reng ka letsatsi le itseng ho bolaoe Baiseraele bohle.

Ha Mordekai a utloa ka molao oo, o ferekana haholo. O romela molaetsa ho Esthere o re: ‘U lokela ho bua le morena, u mo kōpe hore a re baballe.’ Ke tlōlo ea molao oa Persia ho kena ka ho morena u sa bitsoa. Empa Esthere eena o kena a sa bitsoa. Morena o mo nanabetsa lere la hae la khauta, e leng ho bolelang hore a se ke a bolaoa. Esthere o memela morena le Hamane lijong. Ha ba le moo morena o botsa Esthere hore na a ka rata hore a mo etsetse’ng. Esthere o re o tla mo bolella haeba morena a ka tla le Hamane hape lijong ka letsatsi le hlahlamang.

Lijong tseo Esthere o re ho morena: ‘’Na le sechaba sa heso re tlil’o bolaoa.’ Morena oa halefa. O re: ‘Ke mang ea ka etsa’ng ntho e mpe joalo?’

Esthere o re: ‘Sera ke Hamane enoa e mobe!’

Joale morena o halefa le ho feta. O laela hore Hamane a bolaoe. Ka mor’a moo, morena o etsa hore Mordekai e be eena ea mo hlahlamang ka matla. Joale Mordekai o etsa hore ho etsoe molao o mocha o lumellang Baiseraele hore ba itoanele letsatsing leo ba neng ba lokela ho bolaoa ka lona. Kaha joale Mordekai e se e le motho oa bohlokoa, batho ba bangata ba thusa Baiseraele, ’me ba pholosoa lireng tsa bona.

Buka ea Bibele ea Esthere.