Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 67

Josafate o Tšepa Jehova

Josafate o Tšepa Jehova

NA UA tseba hore banna baa ke bo-mang le hore na ba etsa eng? Ba ea ntoeng, ’me banna ba ka pele baa bina. Empa u ka ’na ua botsa: ‘Ke hobane’ng ha libini tsee li sa nka lisabole le marumo a ho loana?’ A re bone.

Josafate ke morena oa ’muso oa Iseraele oa meloko e ’meli. O phela mehleng ea Morena Akabe le Jezebele ba ’muso o ka leboea oa meloko e 10. Empa Josafate ke morena ea molemo joaloka ntat’ae Asa. Kahoo batho ba ’muso o ka boroa oa meloko e ’meli ba phela hamonate ka lilemo tse ngata.

Empa joale ho etsahala ntho e tšosang batho. Baromuoa ba re ho Josafate: ‘Lebotho le leholo le tsoang linaheng tsa Moabe, Ammone le Thabeng ea Seire le tlil’o u loantša.’ Baiseraele ba bangata ba bokana Jerusalema ho batla thuso ho Jehova. Ba ea tempeleng, ’me ha ba le moo Josafate oa rapela o re: ‘Oho Jehova Molimo oa rōna, ha re tsebe seo re lokelang ho se etsa. Ha re na matla khahlanong le lebotho lena le leholo. Re kōpa u re thuse.’

Jehova oa mamela, ’me o re mohlanka e mong oa hae a bolelle batho a re: ‘Ntoa hase ea lōna, empa ke ea Molimo. Le ke ke la tšoanela ho loana. Shebellang feela, le bone kamoo Jehova a tla le pholosa kateng.’

Kahoo hoseng ho latelang Josafate o re ho batho: ‘Tšepang Jehova!’ Joale o beha ba binang ka pel’a masole, ’me ba tsamaea ba bina lithoriso tsa Jehova. Na u tseba se etsahalang ha ba atamela ntoeng? Jehova o etsa hore masole a sera a loantšane. Ha Baiseraele ba fihla, masole ’ohle a sera a shoele!

Na Josafate o ne a se bohlale ha a tšepa Jehova? Le rōna re tla be re le bohlale ha re Mo tšepa.