Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 62

Khathatso ka Tlung ea Davida

Khathatso ka Tlung ea Davida

KA MOR’A hore Davida a qale ho busa Jerusalema, Jehova o etsa hore ba hlōle lira tsa bona hangata. Jehova o ne a tšepisitse ho fa Baiseraele naha ea Kanana. Joale, ka thuso ea Jehova, naha eohle eo ba neng ba e tšepisitsoe e qetella e le ea bona.

Davida ke ’musi ea molemo. O rata Jehova. Kahoo ntho ea pele eo a e etsang ka mor’a hore a hape Jerusalema ke ho tlisa areka ea selekane ea Jehova moo. ’Me o batla ho haha tempele eo a tla e beha ka ho eona.

Ha Davida a se a hōlile, o etsa phoso e mpe. Davida oa tseba hore ke phoso ho nka ntho ea motho e mong. Empa mantsiboeeng a mang, ha a le holimo marulelong a ntlo ea hae ea borena, o sheba tlaase ’me o bona mosali e motle haholo. Lebitso la hae ke Bathe-sheba, ’me monna oa hae ke e mong oa masole a Davida ea bitsoang Uria.

Davida o batla Bathe-sheba hoo a reng a tlisoe ntlong ea hae ea borena. Monna oa hae o ntoeng. Joale Davida o robala le eena ’me hamorao mosali eo o utloa hore o tla ba le ngoana. Davida o tšoenyehile haholo ’me o romela molaetsa ho Joabe, molaoli oa lebotho la hae hore a behe Uria ka pele ntoeng moo a tla bolaoa. Ha Uria a se a shoele, Davida o nyala Bathe-sheba.

Jehova o halefetse Davida haholo. Kahoo o romela Nathane mohlanka oa hae ho ea bolella Davida libe tsa hae. Ua mo bona Nathane ke eo o bua le Davida. Davida o soabetse seo a se entseng haholo, kahoo Jehova ha a mo bolaee. Empa Jehova o re: ‘Kahobane u entse lintho tsena tse mpe, ho tla ba le likhathatso tse ngata ka tlung ea hao.’ Davida o ba le likhathatso tse ngata hakaakang!

Ea pele, mor’a Bathe-sheba oa shoa. Joale Amnone, mora oa Davida oa letsibolo o fumana khaitseli ea hae Tamare a le mong ’me o mo qobella hore a robale le eena. Absalome mora oa Davida o halefile haholo ke sena ’me o bolaea Amnone. Hamorao, Absalome o ratoa ke batho ba bangata, ’me o iketsa morena. Qetellong, Davida o hlōla Absalome ntoeng, ’me Absalome oa bolaoa. E, Davida o ba le likhathatso tse ngata.

Ha tsena tsohle li ntse li etsahala, Bathe-sheba o ba le mora ea bitsoang Solomone. Ha Davida a se a kula a bile a tsofetse, mor’a hae Adonija o leka ho iketsa morena. Kahoo Davida o re moprista Tsadoke a tšele oli hloohong ea Solomone ho bontša hore Solomone e tla ba morena. Kapele ka mor’a moo Davida o shoa a le lilemo li 70. O busitse ka lilemo tse 40, empa joale Solomone ke morena oa Iseraele.