Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 59

Lebaka le Etsang Hore Davida a Tlamehe ho Baleha

Lebaka le Etsang Hore Davida a Tlamehe ho Baleha

KA MOR’A hore Davida a bolaee Goliathe, Abnere, molaoli oa lebotho la Iseraele, o tlisa Davida ho Saule. Saule o thabetse Davida haholo. O mo etsa molaoli oa lebotho la hae ’me oa mo nka hore a eo lula ntlong ea morena.

Hamorao, ha lebotho le khutla ho tsoa loantša Bafilista, basali baa bina ba re: ‘Saule o bolaile ba likete, empa Davida o bolaile ba likete tse mashome-shome.’ Sena se etsa hore Saule a be mōna, hobane Davida o rorisoa ho mo feta. Empa Jonathane mor’a Saule ha a na mōna ka seo. O rata Davida haholo, ’me Davida le eena o rata Jonathane. Joale, ka bobeli ba tšepisana hore e tla ba metsoalle kamehla.

Davida o tseba ho letsa harepa haholo, ’me Saule o rata ’mino oo a o letsang. Empa ka letsatsi le leng mōna oa Saule o ’makela hore a etse ntho e tšabehang. Ha Davida a ntse a letsa harepa, Saule o nka lerumo la hae ’me oa le betsa, o re: ‘Ke tla hlabella Davida leboteng!’ Empa Davida oa qoba, ’me lerumo lea mo fosa. Hamorao Saule o fosa Davida ka lerumo hape. Joale Davida oa bona hore o tlameha ho itlhokomela.

Na u sa hopola tšepiso eo Saule a e entseng? O ne a itse o tla nyalisa morali oa hae motho ea tla bolaea Goliathe. Qetellong Saule o re Davida a ka nka Mikale morali oa hae, empa pele ho moo, o lokela ho bolaea Bafilista ba 100 ba lira. Ak’u nahane feela! Bonneteng, Saule o nahana hore Bafilista ba tla bolaea Davida. Empa ha ba mo bolaee, ka hona Saule o nyalisa Davida morali oa hae.

Ka letsatsi le leng Saule o bolella Jonathane le bahlanka bohle ba hae hore o batla ho bolaea Davida. Empa Jonathane o re ho ntat’ae: ‘U se ke ua ntša Davida kotsi. Ha ho mohla a kileng a u siteloa ka letho. Ho fapana le hoo, o u thusitse ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng. O ile a beha bophelo ba hae kotsing ha a bolaea Goliathe, ’me ua thaba ha u bona seo.’

Saule o mamela mor’a hae, ’me o tšepisa hore a ke ke a ntša Davida kotsi. Davida oa khutlisoa, ’me o boela a sebeletsa Saule ka tlung ea hae joaloka pele. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng ha Davida a ntse a letsa lipina, Saule o boetse o betsa Davida ka lerumo. Davida oa qoba, ’me lerumo le hlaba leboteng. Ke lekhetlo la boraro joale! Joale Davida oa tseba hore o tlameha ho baleha!

Bosiung boo Davida o ea ha hae. Empa Saule o romela banna ba bang ho ea mo bolaea. Mikale o tseba morero oa ntat’ae. Kahoo o re ho monna oa hae: ‘Haeba u sa balehe bosiung bona, hosasa u tla tsoha u shoele.’ Bosiung boo Mikale o thusa Davida ho tsoa ka fensetere. Ka lilemo tse ka bang supa, Davida o ipata koana le koana e le hore Saule a se ke a mo fumana.