Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 56

Saule—Morena oa Pele oa Iseraele

Saule—Morena oa Pele oa Iseraele

BONA Samuele o tšela oli hloohong ea monna enoa. Sena ke seo ba neng ba atisa ho se etsa ho motho ho bontša hore o khethetsoe ho ba morena. Jehova o bolella Samuele hore a tšele oli hloohong ea Saule. Ke oli e khethehileng e nkhang hamonate.

Saule o ne a sa nahane hore o loketse ho ba morena. O re ho Samuele: ‘Ke oa moloko oa Benjamine, o monyenyane ka ho fetisisa Iseraele. Ke hobane’ng ha u re ke tla ba morena?’ Jehova o rata Saule hobane ha a iketse eka ke motho e moholo oa bohlokoa. Ke ka hona A mo khethang hore e be morena.

Empa Saule hase mofutsana kapa eena motho ea mokhutšoanyane. O tsoa lelapeng la borui, ebile ke motho ea litšobotsi li ntle haholo le ea molelele. O molelele ho feta batho bohle Iseraele! Hape Saule o lebelo haholo, ke monna ea matla haholo. Batho ba thabetse hore ebe Jehova o khethile Saule ho ba morena. Kaofela ba qala ho hoeletsa ba re: ‘Morena a re phelele!’

Lira tsa Iseraele li ntse li le matla joaloka pele. Li ntse li khathatsa Baiseraele haholo. Kapele ka mor’a hore Saule a etsoe morena, Baammone baa ba loantša. Empa Saule o bokella lebotho le leholo, ’me o hlōla Baammone. Sena se thabisa batho hore ebe Saule ke morena.

Ha lilemo li ntse li feta, Saule o etella Baiseraele pele hore ba hlōle lira tsa bona ka makhetlo a mangata. Hape Saule o na le mora ea sebete ea bitsoang Jonathane. Jonathane o thusa Iseraele ho hlōla lintoeng tse ngata. Bafilista e ntse e le lira tse khōlō tsa Baiseraele. Ka letsatsi le leng Bafilista ba likete-kete ba tla ho tla loantša Baiseraele.

Samuele o bolella Saule hore a eme ho fihlela a fihla ho tla etsetsa Jehova sehlabelo kapa mpho. Empa Samuele o lieha ho fihla. Saule o tšohile hore Bafilista ba ka ’na ba qala ho hlasela, kahoo o etsa sehlabelo ka boeena. Qetellong ha Samuele a fihla, o bolella Saule hore o bontšitse ho se mamele. Samuele o re: ‘Jehova o tla khetha motho e mong hore e be morena oa Iseraele.’

Hamorao Saule o bontša ho se mamele hape. Kahoo Samuele o re ho eena: ‘Ho molemo ho mamela Jehova ho e-na le ho mo fa mpho ea nku e ntlehali. Kahobane ha ua mamela Jehova, Jehova a ke ke a u boloka u le morena oa Iseraele.’

Re ka ithuta thuto e ntle ho sena. Se re bontša kamoo ho leng bohlokoa kateng ho mamela Jehova kamehla. Hape se re bontša hore motho a ka qala a le motle joaloka Saule, empa a qetella a le mobe. Le ka mohla, ha re batle ho ba babe, na ha ho joalo?