Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 64

Solomone o Haha Tempele

Solomone o Haha Tempele

PELE Davida a shoa, o ile a fa Solomone polane e tsoang ho Molimo ea ho haha tempele ea Jehova. Ka selemo sa bone a busa, Solomone o qala ho haha tempele, ’me o nka lilemo tse supileng le halofo ho e qeta. Banna ba likete tse mashome ba sebetsa tempeleng eo, ’me e hahuoa ka chelete e ngata haholo. Lebaka ke hore ho sebelisoa khauta le silevera tse ngata haholo ka har’a eona.

Tempele e na le likamore tse peli tse khōlō, feela joaloka tabernakele. Empa likamore tsena li nka tsa tabernakele habeli ka boholo. Solomone o laela hore areka ea selekane e kenngoe ka kamoreng e ka hare ea tempele, ’me lintho tse ling tse neng li le ka tabernakeleng li kenngoe ka kamoreng e ’ngoe.

Ha tempele e qetiloe, ho etsoa mokete o moholo. Solomone o khumama ka pel’a tempele ’me oa rapela, joalokaha u bona setšoantšong. Solomone o re ho Jehova: ‘Le leholimo lohle le lenyenyane bakeng sa hao, ha ho thoe letho ka tempele ena. Empa, Molimo oa ka, u mpe u mamele batho ba hao ha ba rapela ba shebile sebakeng sena.’

Ha Solomone a qeta thapelo ea hae, mollo o theoha leholimong. O chesa lihlabelo tse entsoeng ka liphoofolo. ’Me khanya e khōlō e tsoang ho Jehova e tlala tempele. Hona ho bontša hore Jehova o mametse, ’me o khahloa ke tempele le thapelo ea Solomone. Joale batho ba se ba tla ho tla rapela tempeleng eseng tabernakeleng.

Ka nako e telele Solomone o busa ka tsela e bohlale, ’me batho ba thabile. Empa Solomone o nyala basali ba bangata ba tsoang linaheng tse ling ba sa rapeleng Jehova. Na u bona e mong oa bona ea rapelang setšoantšo? Qetellong basali ba Solomone ba mo susumelletsa hore a rapele melimo e meng. Na u tseba se etsahalang ha Solomone a rapela melimo e meng? Ha a sa tšoara batho ka mosa. E ba motho ea sehlōhō, ’me batho ha ba sa thabile.

Joale Jehova o halefela Solomone, ’me o re ho eena: ‘Ke tla u amoha ’muso ke o nehe motho e mong. Nke ke ka etsa joalo ha u sa phela, empa ha ho busa mora oa hao. Empa ha ke na ho amoha mora oa hao batho bohle.’ A re bone hore na sena se etsahala joang.