Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 13

Abrahama—Motsoalle oa Molimo

Abrahama—Motsoalle oa Molimo

SEBAKA se seng seo batho ba ileng ba lula ho sona ka mor’a Moroallo se ne se bitsoa Ure. E ile ea e-ba motse oa bohlokoa o nang le matlo a matle. Empa batho ba moo ba ne ba rapela melimo ea bohata. Ke seo ba neng ba se etsa Babele. Batho ba Ure le Babele ba ne ba sa tšoane le Noe le mora oa hae Sema, ba neng ba sebeletsa Jehova.

Qetellong, ka mor’a lilemo tse 350 moroallo o bile teng, Noe ea tšepahalang a shoa. Monna enoa eo u mo bonang setšoantšong mona o hlahile lilemo tse peli feela ka mor’a moo. E ne e le motho oa bohlokoa haholo ho Molimo. Lebitso la hae ke Abrahama. O ne a lula le ba lelapa la hae motseng oo oa Ure.

Ka letsatsi le leng Jehova a re ho Abrahama: ‘Tloha Ure le ho beng ka uena, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.’ Na Abrahama o ile a mamela Molimo eaba o siea menate eohle ea Ure? E, o ile a mo mamela. Abrahama o ile a tsejoa e le motsoalle oa Molimo, kaha o ne a mamela Molimo kamehla.

Beng ka Abrahama ba bang ba ile ba tsamaea le eena ha a tloha Ure. Ntat’ae Tera le eena o ile a tsamaea. Lota, ngoan’a ngoan’abo o ile a tsamaea. Ho hlakile hore mosali oa Abrahama le eena, e leng Sara, o ile a tsamaea. Qetellong, bohle ba ile ba fihla moo ho thoeng ke Harane, e leng moo Tera a ileng a shoela teng. Ba ne ba le hōle le Ure.

Nakoana ka mor’a moo Abrahama o ile a tloha Harane le ba lelapa la hae ’me ba ea naheng e bitsoang Kanana. Ha a le moo, eaba Jehova o re: ‘Ke tla fa bana ba hao naha ena.’ Abrahama o ile a lula Kanana a phela litenteng.

Joale Molimo a qala ho thusa Abrahama hoo a ileng a ba le mehlape e mengata ea linku le liphoofolo tse ling le bahlanka ba makholo. Empa eena le Sara ba ne ba se na bana.

Ha Abrahama a le lilemo li 99, Jehova a re: ‘Ke u tšepisa hore u tla ba ntate oa lichaba tse ngata.’ Empa Abrahama le Sara ba ne ba ka ba le ngoana joang ba se ba tsofetse joalo?