Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 33

Ba Tšela Leoatle le Lefubelu

Ba Tšela Leoatle le Lefubelu

BONA se etsahalang! Ke Moshe eo ea otlollotseng molamu oa hae holim’a Leoatle le Lefubelu. Ba nang le eena ba sireletsehile ka lehlakoreng le leng ke Baiseraele. Empa Faro le lebotho lohle la hae ba khangoa ke metsi ka leoatleng. A re bone hore na ho tlile joang hore ho be tjena.

Joalokaha re ithutile, Faro o ile a re Baiseraele ba tlohe Egepeta ka mor’a hore Molimo a tlisetse Baegepeta kotlo ea leshome. Banna ba Baiseraele ba ka bang 600 000 ba ile ba tsamaea hammoho le basali le bana ba bangata. Le batho ba bang ba bangata ba neng ba se ba lumela ho Jehova, ba ile ba tsamaea le Baiseraele. Kaofela ha bona ba tsamaea le linku le lipōli le likhomo tsa bona.

Pele Baiseraele ba tsamaea, ba ile ba kōpa Baegepeta liaparo le lintho tse ling tse entsoeng ka khauta le silevera. Baegepeta ba ne ba tšohile haholo, ka lebaka la kotlo ea ho qetela e ba oetseng. Eaba ba fa Baiseraele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e kōpang.

Baiseraele ba ile ba fihla Leoatleng le Lefubelu ka mor’a matsatsi a seng makae. Ha ba le moo ba phomola. Ho sa le joalo, Faro le banna ba hae ba qala ho inyatsa hore ebe ba tsamaisitse Baiseraele. Ba re: ‘Re tlohetse makhoba a rōna a tsamaea!’

Kahoo Faro a boela a fetola maikutlo a hae. A lokisa koloi ea hae ea ntoa kapele a ba a hlophisa le lebotho la hae. Eaba o lelekisa Baiseraele ka makoloi a 600 a khethehileng le makoloi a mang ’ohle a Egepeta.

Baiseraele ba tšoha haholo ha ba bona Faro a ba setse morao le lebotho la hae. Ho ne ho se moo ba ka balehelang teng. Ka lehlakoreng le leng e ne e le Leoatle le Lefubelu, ’me ka ho le leng e le Baegepeta. Empa Jehova a beha leru pakeng tsa batho ba hae le Baegepeta. Kahoo Baegepeta ba sitoa ho bona Baiseraele hore ba ka ba loantša.

Joale Jehova a re Moshe a otlolle molamu oa hae holim’a Leoatle le Lefubelu. Ha a o otlolla, Jehova a etsa hore ho foke moea o matla oa bochabela. Metsi a leoatle a arohana, ’me metsi a ema ka mahlakoreng a mabeli.

Eaba Baiseraele ba tšela leoatle ba tsamaea moo ho omileng. Ho ile ha nka lihora tse ngata hore batho ba limilione ba tšelele ka mose oane ho leoatle ba sireletsehile hammoho le liphoofolo tsohle tsa bona. Qetellong Baegepeta ba boela ba bona Baiseraele. Makhoba a bona a ne a balehile! Kahoo ba ba sala morao ba ikakhela ka leoatleng.

Eaba Molimo o etsa hore mabili a makoloi a bona a tsoe. Baegepeta ba tšoha haholo, ’me ba lla ba re: ‘Jehova o loanela Baiseraele. A re tloheng mona!’ Empa nako e ne e se e ile.

Ka nako eo Jehova a re Moshe a otlolle molamu oa hae holim’a Leoatle le Lefubelu, joalokaha u bona setšoantšong moo. Ha Moshe a otlolla molamu oa hae, marako a metsi a khutla ’me a koahela Baegepeta le makoloi a bona. Lebotho lohle le ne le setse Baiseraele morao ho ea kena ka leoatleng. ’Me ha ho Moegepeta le ea mong ea ileng a pholoha!

Batho bohle ba Molimo ba ile ba thaba haholo ha ba phetse! Banna ba binela Jehova pina ea teboho, ba re: ‘Jehova o hlōtse. O lihetse lipere le bakalli ba tsona ka leoatleng.’ Khaitseli ea Moshe, Miriame o ile a nka moropa oa hae, ’me basali ba bang bohle ba mo latela ba nkile meropa ea bona. Ha ba ntse ba bina ka thabo, ba bina pina e tšoanang le ea banna, ba re: ‘Jehova o hlōtse. O lihetse lipere le bakalli ba tsona ka leoatleng.’