Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 20

Dina o Kena Khathatsong

Dina o Kena Khathatsong

NA U bona batho bao Dina a ba chakelang? O chakela banana ba bang ba lulang naheng ea Kanana. Na ntate oa hae, Jakobo o tla thabela seo? Ho u thusa ho araba potso ena, hopola kamoo Abrahama le Isaka ba ileng ba ikutloa kateng ka basali ba Kanana.

Na Abrahama o ne a rata ha mora oa hae, Isaka, a nyala ngoanana oa Kanana? Che. Na Isaka le Rebeka ba ne ba rata ha Jakobo a nyala ngoanana oa Mokanana? Che. Na u tseba lebaka?

Ke hobane batho ba Kanana ba ne ba rapela melimo ea bohata. E ne e se batho ba batle bao motho a ka nyalanang le bona, ebile e ne e se batho bao motho a ka itloaetsang bona. Kahoo re ka kholiseha hore Jakobo o ne a sa rate ha morali oa hae a tloaetse banana bao ba Bakanana.

Joalokaha u ka lebella, Dina o ile a fela a kena khathatsong. Na u bona monna eo oa Mokanana ea shebileng Dina setšoantšong moo? Lebitso la hae ke Shikeme. Ka letsatsi le leng ha Dina a chakile, Shikeme a mo nka a mo qobella ho robala le eena. Seo se ne se fosahetse kaha ke banna le basali ba nyalaneng feela ba lokelang ho robala hammoho. Ntho ena e mpe eo Shikeme a e entseng Dina, e ile ea baka likhathatso tse ling tse ngata.

Likhaitseli tsa Dina li ile tsa koata haholo ha li utloa se etsahetseng. Likhaitseli tsa hae tse peli, e leng Simeone le Levi, li ile tsa koata hoo li ileng tsa nka lisabole tsa kena motseng ’me tsa tsometsa banna ba moo. Likhaitseli tseo tsa hae hammoho le tse ling li ile tsa bolaea Shikeme le banna ba bang bohle. Jakobo o ile a halefisoa ke hore bara ba hae ba entse ntho eo e mpe.

Khathatso ee eohle e qalile joang? Ka hore Dina a tloaelane le batho ba sa mameleng melao ea Molimo. Akere ha re batle ho ba le metsoalle e joalo?