PALE EA 18
Jakobo o ea Harane
NA U tseba banna baa bao Jakobo a ntseng a bua le bona? Jakobo o ile a kopana le bona selibeng, ka mor’a hore a qete matsatsi a mangata a ntse a tsamaea. Ba ne ba alositse linku tsa bona. Jakobo o ile a ba botsa a re: ‘Le tsoa hokae?’
Ba re: ‘Harane.’
Jakobo a ba botsa a re: ‘Na le tseba Labane?’
Ba araba ba re: ‘E, rea mo tseba. Morali oa hae, Ragele, ke eloa le mohlape oa hae oa linku.’ Na u bona Ragele mola moo a tlang le teng?
Eitse ha Jakobo a bona Ragele le linku tsa malom’ae, Labane, a tlosa lejoe selibeng hore linku li noe. Eaba Jakobo o aka Ragele ’me o itsebisa eena. Ragele a thaba haholo, ’me a ea hae a bolella ntat’ae Labane.
Labane o ile a thaba haholo ha Jakobo a tlil’o lula le eena. ’Me Labane a thaba ha Jakobo a kōpa ho nyala Ragele. Leha ho le joalo, a kōpa Jakobo hore a sebeletse Ragele lilemo tse supileng masimong a hae. Jakobo o ile a sebetsa lilemo tseo, kaha o ne a rata Ragele haholo. Empa na ua tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ha ho fihla nako ea hore a nyale?
Labane o ile a fa Jakobo morali oa hae e moholo, e leng Lea, ho fapana le Ragele. Jakobo o ile a lumela ho sebeletsa Labane lilemo tse ling tse supileng e le hore a nyale Ragele. Ka nako eo Molimo o ne a lumeletse banna hore ba be le basali ba fetang a le mong. Empa hona joale, Bibele e bontša hore monna o lokela ho nyala mosali a le mong feela.