PALE EA 28
Lesea Moshe Lea Pholosoa
BONA lesea le llang, le itšoareletseng ka monoana oa moroetsana. Ke Moshe. Na ua tseba hore na moroetsana eo e motle ke mang? Ke khosatsana ea Egepeta, morali oa Faro.
’Mè oa Moshe o ile a pata ngoana oa hae ho fihlela a le khoeli li tharo, kaha o ne a sa batle hore Baegepeta ba mo bolaee. Empa o ne a tseba hore Moshe a ka ’na a fumanoa, eaba o etsa sena ho mo pholosa.
A nka baskete eaba oa e thiba e le hore e se ke ea kenela metsi. A ntan’o kenya Moshe ka ho eona, a e beha har’a joang bo bolelele Nōkeng ea Nile. Khaitseli ea Moshe, e leng Miriame, a bolelloa hore a eme haufi le moo a tle a bone se tla etsahala.
Ka mor’a nakoana, morali oa Faro a theohela Nōkeng ea Nile ho ea tola. Kapele, a bona baskete eo har’a joang bo bolelele. A bitsa e mong oa makhabunyane a hae, a re: ‘Ntlele baskete ela.’ Eare ha khosatsana a e koaholla, a fumana lesea le letle hakaalo! Moshe e monyenyane o ne a lla, ’me khosatsana ea mo qenehela. E ne e sa batle ha a bolaoa.
Eaba Miriame oa tla. Ke eo moo setšoantšong. Miriame a botsa morali oa Faro, a re: ‘Na nka u bitsetsa mosali oa Moiseraele ea tla u anyesetsa ngoana?’
Khosatsana ea re: ‘Ka kōpo mo bitse.’
Joale Miriame a matha ka lebelo ho ea bolella ’mè oa hae. Eare ha ’mè oa Moshe a fihla, khosatsana ea re: ‘Nka ngoana enoa u nkanyesetse eena, ke tla u lefa.’
Kahoo ’mè oa Moshe a ikhōlisetsa ngoana oa hae. Hamorao ha Moshe a se a hōlile, a mo isa ho morali oa Faro, ea ileng a inkela eena ea e-ba mora oa hae. Ke kamoo Moshe a qeteletseng a hōlela ka tlung ea Faro.