Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 32

Likotlo Tse Leshome

Likotlo Tse Leshome

BONA litšoantšo tsena. Se seng le se seng se bontša kotlo eo Jehova a ileng a e tlisetsa Egepeta. Setšoantšong se qalang u bona Arone a otla Nōka ea Nile ka molamu oa hae. Ha a otla metsi a nōka ka molamu, metsi ao a fetoha mali. Litlhapi lia shoa, ’me nōka e qala ho nkha hampe.

Ka mor’a moo, Jehova a ntša lihoho Nōkeng ea Nile. Li ne li kena hohle—ka liontong, lipaneng tsa ho baka le ka likobong tsa batho. Eare ha lihoho li shoa, Baegepeta ba li bokella ba li etsa liqubu-qubu, ’me naha ea nkha ke tsona.

Eaba Arone o otla mobu ka molamu oa hae, ’me lerōle la fetoha menoang. Menoang ke likokoanyana tse nyenyane tse fofang tse lomang. Menoang e bile kotlo ea boraro e tlelang naha ea Egepeta.

Likotlo tse ling tse setseng li ile tsa oela Baegepeta feela, li sa ame Baiseraele. Kotlo ea bone e ile ea e-ba liboba tse ngata tse neng li kena ka matlung ’ohle a Baegepeta. Kotlo ea bohlano e ile ea oela liphoofolo. Ha shoa likhomo tse ngata tsa Baegepeta le linku le lipōli tsa bona.

Ka mor’a moo, Moshe le Arone ba ile ba nka molora ba o akhela moeeng. Oa etsa hore batho le liphoofolo ba tsoe mathopa a mabe. Eo e ile ea e-ba kotlo ea botšelela.

Ka mor’a moo, Moshe a otlollela letsoho la hae leholimong, eaba Jehova o tlisa sefako le sealuma. E ne e le sefako se e-s’o bonoe Egepeta.

Kotlo ea borobeli e ile ea e-ba ea ho hlaseloa ke litsie tse ngata. Ho ne ho se mohla ho kileng ha e-ba le litsie tse ngata hakaalo ebile ha li e-s’o ka li e-ba teng hape. Li ile tsa ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e siiloe ke sefako.

Kotlo ea borobong e ile ea e-ba ea lefifi. Naha e ile ea apareloa ke lefifi le tšabehang ka matsatsi a mararo, empa ho ne ho khanya moo Baiseraele ba lulang teng.

Qetellong, Molimo o ile a re batho ba hae ba fafatse mali a potsanyane kapa a konyana likoseneng tsa menyako ea bona. Eaba lengeloi la Molimo le feta holim’a naha ea Egepeta. Moo lengeloi le neng le bona mali, le ne le sa bolaee motho ntlong eo. Empa lengeloi la Molimo le ne le bolaea bana ba matsibolo le liphoofolo tsa matsibolo matlong ’ohle ao ho neng ho se na mali likoseneng tsa menyako ea ’ona. Eo e bile kotlo ea leshome.

Ka mor’a kotlo ena ea ho qetela, Faro o ile a re Baiseraele ba tsamaee. Batho ba Molimo kaofela ba ne ba itokiselitse ho kena tseleng, ’me ba tsoa Egepeta bosiung bona boo.