Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 7

Monna ea Sebete

Monna ea Sebete

HA BATHO ba qala ho ata lefatšeng, ba bangata ba ile ba etsa lintho tse mpe joaloka Kaine. Empa monna e mong o ne a sa tšoane le bona. Lebitso la monna eo ke Enoke. Enoke e ne e le monna ea sebete. Enoke o ne a phela har’a batho ba etsang lintho tse mpe, empa o ile a tsoela pele a sebeletsa Molimo.

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha batho ba mehleng eo ba ne ba etsa lintho tse ngata tse mpe joalo? Na u sa hopola hore ke mang ea ileng a etsa hore Adama le Eva ba se ke ba mamela Molimo ’me ba je tholoana eo Molimo a itseng ba se ke ba e ja? E, ke lengeloi le lebe. Bibele e re ke Satane. Ebile o leka ho etsa hore batho bohle ba be babe.

Ka letsatsi le leng Jehova Molimo o ile a re Enoke a bolelle batho taba eo ba sa batleng ho e utloa. Taba eo e ne e re: ‘Ka letsatsi le leng Molimo o tlil’o bolaea batho bohle ba babe.’ Mohlomong batho ba ile ba halefa ha ba utloa seo. Mohlomong ba ile ba leka le ho bolaea Enoke. Kahoo Enoke o ne a lokela ho ba sebete e le hore a bolelle batho seo Molimo a tlang ho se etsa.

Molimo ha aa ka a tlohella Enoke hore a phele nako e telele har’a batho bao ba babe. Enoke o ile a phela lilemo tse 365 feela. Ke hobane’ng ha re re “lilemo tse 365 feela”? Ke hobane mehleng eo batho ba ne ba le matla ho feta kajeno ’me ba phela nako e telele. Mora oa Enoke, e leng Methusela o phetse lilemo tse 969!

Batho ba ile ba senyeha le ho feta ka mor’a lefu la Enoke. Bibele e re ‘menahano eohle ea bona e ne e le mebe ka linako tsohle,’ ’me ‘lefatše le ne le tletse pefo.’

Na u tseba lebaka le leng le neng le etsa hore ho be le likhathatso joalo lefatšeng nakong eo? Ke hobane Satane o ne a e-na le tsela e ncha ea ho etsa hore batho ba etse lintho tse mpe. Joale re tla ithuta ka eona ka mor’a mona.