Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 6

Mora ea Molemo le ea Mobe

Mora ea Molemo le ea Mobe

BONA Kaine le Abele joale. Ba se ba hōlile. Kaine ke molemi. O lema lijo-thollo, litholoana le meroho.

Abele ke molisa oa linku. O rata ho alosa likonyana. Lia hōla e ba linku tse khōlō, ’me joale Abele o se a e-na le linku tse ngata tseo a li lisang.

Ka letsatsi le leng Kaine le Abele ba tlisetsa Molimo limpho. Kaine o tlisa lijo tseo a li lemmeng. Abele eena o tlisa nku e ntle ho li feta. Jehova o thabela Abele le mpho ea hae. Empa ha a thabele Kaine le mpho ea hae. Na u tseba lebaka?

Hase feela hore mpho ea Abele e ntle ho feta ea Kaine. Ke hobane Abele ke motho ea molemo. O rata Jehova le ngoan’abo. Empa Kaine o mobe; ha a rate ngoan’abo.

Kahoo Molimo o re Kaine a fetole litsela tsa hae. Empa Kaine ha a mamele. O koatile hobane Molimo o rata Abele ho mo feta. Joale Kaine o re ho Abele, ‘A re ee naheng.’ Ha ba le moo ba leng bang feela, Kaine o otla Abele ngoan’abo. O mo otla habohloko hoo a mo bolaeang. Na hase ntho e mpe ee eo Kaine a e etsang?

Le hoja Abele a shoele, Molimo o ntse a mo hopola. Abele o ne a le molemo, ’me Jehova ha a lebale motho ea molemo. Kahoo ka letsatsi le leng Jehova Molimo o tla khutlisetsa Abele bophelong. Ka nako eo Abele ha a sa tla shoa. O tla phela mona lefatšeng ka ho sa feleng. Na u ka thabela ho tseba batho ba bang ba tšoanang le Abele?

Empa Molimo ha a thabele batho ba tšoanang le Kaine. Kahoo ka mor’a hore Kaine a bolaee ngoan’abo, Molimo a mo otla ka hore a mo ise hōle le ba lelapa labo. Kaine o ile a nka e ’ngoe ea likhaitseli tsa hae hore e be mosali oa hae, ha a ea karolong e ’ngoe ea lefatše ho ea phela teng.

Ka mor’a nako, Kaine le mosali oa hae ba ba le bana. Bara le barali ba bang ba Adama le Eva le bona ba ile ba nyalana, ’me le bona ba ba le bana. Ka mor’a nakoana ha ba le batho ba bangata lefatšeng. A re ke re ithute ka ba bang ba bona.