Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 9

Noe o Haha Areka

Noe o Haha Areka

NOE o ne a e-na le mosali le bara ba bararo. Mabitso a bara ba hae e ne e le Sema, Kama le Jafeta. Mora e mong le e mong o ne a e-na le mosali. Kahoo lelapa la Noe e ne e le la batho ba robeli.

Joale Molimo a re Noe a etse ntho e ’ngoe e makatsang. A re a hahe areka e khōlō. Areka ena e ne e le khōlō e tšoana le sekepe, empa e shebahala joaloka lebokose le leholo le lelelele. Molimo o ile a re: ‘Etsa hore e be mekato e meraro ho ea holimo, u e arole ka likamore.’ Likamore e ne e le bakeng sa Noe le ba lelapa la hae, liphoofolo le lijo.

Molimo o ile a boela a re Noe a etse hore areka e se ke ea kena metsi. Molimo a re: ‘Ke tlil’o tlisa moroallo o moholo oa metsi, ke senye lefatše lohle. Bohle ba seng ka arekeng ba tla shoa.’

Noe le bara ba hae ba mamela Jehova ’me ba qala ho haha. Empa batho ba bang bona ba lulela ho tšeha. Ba ’na ba etsa bobe. Ha ho ea ileng a lumela ha Noe a ba bolella seo Molimo a tlil’o se etsa.

Ho ile ha nka nako e telele ho haha areka ka lebaka la boholo ba eona. Qetellong, e ile ea fela ka mor’a lilemo tse ngata. Joale Molimo a re Noe a kenye liphoofolo ka arekeng. Molimo a re a kenye liphoofolo tse ling ka bobeli, e tona le e tšehali. Empa liphoofolo tse ling tsona, Molimo a re Noe a kenye tse supileng. Molimo a boela a re Noe a kenye linonyana tsa mefuta eohle. Noe o ile a etsa seo Molimo a mo bolellang sona.

Ka mor’a moo, Noe a kena ka arekeng le ba lelapa la hae. Eaba Molimo o koala monyako. Noe le ba lelapa la hae ba leta ka arekeng. Ak’u inahanele feela u se u le ka moo ka arekeng le bona, u letile. Na moroallo o ne o tla hle o tle joalokaha Molimo a boletse?