Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE EA 115

Paradeise e Ncha Lefatšeng

Paradeise e Ncha Lefatšeng

BONA lifate tseo tse telele, lipalesa tse ntle-ntle le lithaba tse telele. Na ha ho hotle moo? Bona kamoo letsa le jellang letsohong la moshanyana enoa. Bona litau le lipere tse emeng mane lekhulong. Na u ke ke ua thabela ho lula ntlong e sebakeng se tjee?

Molimo o batla hore u phele ka ho sa feleng lefatšeng paradeiseng. Ebile ha a batle hore u hlaheloe ke mathata le litlokotsi tse hlahelang batho kajeno. Ena ke tšepiso ea Bibele ho ba tla phela paradeiseng e ncha: ‘Molimo o tla ba le bona. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le lefu kapa ho lla kapa bohloko. Lintho tsa khale li fetile.’

Jesu o tla tiisa hore phetoho ena e babatsehang ea etsahala. Na ua tseba hore e tla etsahala neng? E, ka mor’a hore a felise bobe bohle le batho ba babe lefatšeng. Hopola hore ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a phekola batho ba tšoeroeng ke mafu a mefuta eohle, a ba a tsosa batho bafung. Jesu o ile a etsa seo ho bontša seo a tla se etsa lefatšeng lohle ha e se e le Morena oa ’muso oa Molimo.

Nahana monate o tla ba paradeiseng eo e ncha lefatšeng! Jesu, hammoho le ba bang bao a ba khethang, ba tla busa leholimong. Babusi bana ba tla hlokomela bohle ba lefatšeng ’me ba bone hore ba thabile. A re bone seo re lokelang ho se etsa ho tiisa hore Molimo o tla re fa bophelo bo sa feleng paradeiseng ea hae e ncha.